Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 43—KRESTE O HELETSA MARAKO A MERABE

    [E itšetlehile ka khaolo ea Matheu 15:21-28; Mareka 7:24-30]

    Kamorao ho ho teana le Bafarisi Jesu A tloha Kaperenauma A haola ka Galelea, naheng ea maralla, meeling ea Fenesia. Ha A talima nq’a bophirimela O ne a bona metse ea khale ea Tire le Sidone ka litempele tsa eona tsa bohedene. Mane ke Leoatle le Leholo, mose ho teng maqosa a evangeli a lōketse ho isa litaba tsa eona tse molemo metseng e meholo ea ‘muso oa lefatše. Mosebetsi o tobaneng le Eena joale e ne e le oa ho lōkisetsa barutuoa ba Hae borōmuoa ba bona.EN 270.1

    “Eaba mosali oa Mokanana, ea tsoang teng, o tla a hōoa a re, ‘Morena, Mor’a Davida, nkutloele bohlōkō! Morali oa ka o tšoenngoa hampe ke modemona.’” Batho ba karolo ena ba ne ba rapela litšoantšo, ba nyelisoa ‘me ba hlouoe ke Bajuda. Mosali eo ea tiileng ho Jesu e ne e le mohedene, ‘me ka baka leo o ne a se na kabelo melemong E neng e fumanoa ke Bajuda.EN 270.2

    Litaba tse molemo tsa mosebetsi oa Kreste li ne li tsejoa hohle naheng ena. Mosali enoa o ne a ile a utloela ka moporofeta eo ho thoeng, o phekotse maloetse a mefutafuta. Tsepo ea hlaha pelong ea hae. Ka ho susumetsoa ke motlopotlo oa ho tsoala, a rera ho hlahisa taba ea morali oa hae ho Eena. O lōketse ho folisa ngoana oa hae. Nako tse ling o ne a lekeha ka hore, ke’ng seo Moruti eo oa Mojuda a ka nkcts’ang sona? Empa o ne a utloile hore O phekola maloetse a mefuta-futa, ho sa khethoe hore na motho ke morui kapa mofutsana.EN 270.3

    Kreste O ne A se A ntse A tseba hore mosali enoa o nyoretsoe ho ‘Mona, ‘me A ipea moo mosali enoa a tla feta teng. Ka ho thusa mahlomoleng a hae, O ne A ka fana ka mohlala o utloahalang oa thuto eo A rerileng ho e ruta. Ke ka baka leo A ileng A tlisa barutuoa ba Hae sebakeng sena. A ba lakaletsa ho bona ho hloka tsebo ho teng metseng le metsaneng e haufi le Iseraele. Batho ba neng ba filoe ‘nete ba ne ba sa etse ka matla ho thusa meea e lefifing. Lerako la karohano le neng le ahiloe ho latela boikhōhōmōso ba Bajuda le ne le koaletse esita le barutuoa hore ba se utloele bohlōkō lefatše la bohedene. Marako ana a ne a lōkela ho heletsoa.EN 270.4

    Kreste A amohela moemeli enoa oa morabe o nyelisoang A iphapantse, A sa bontše khauhelo joalekaha Mojuda a ne a tla etsa. Empa mosali h’a ka felloa ke tumelo. Ha Jesu A feta eka h’a mo utloe le ho mo utloa mosali a latela a ntse a etsa likōpo tsa hae. Ka ho teneha, barutuoa ba kōpa Jesu ho mo leleka. Ba elelloa hore Moruti oa bona O bua le eena a sa mo tsotelle ‘me ba lekanya hore tsekamelo tsa Bajuda malebana le Bakanana lia Mo thabisa.EN 271.1

    Empa ebile Mopholosi Ea hauhelang ea ileng A araba A re “Ha ho moo ke rōmiloeng, haese linkung tsa ntlo ea Iseraele tse lahlehileng.” Leha karabo ena e bonahetse e leka ho ea ka tsekamelo tsa Bajuda, e ne e reretsoe ho nyatsa barutuoa. Hamorao ba ile ba e utloisisa e le ho ba hopotsa seo A hlotseng A ba bolella sona -hore O tlile lefatšeng ho pholosa bohle ba tla Mo amohela.EN 271.2

    Mosali a buella taba ea hae ka pheello e eketsehileng, a khumama maotong a Kreste, ‘me a hōoa a re, “Nthuse, Morena!” Leha ho le joalo Jesu A bonahala eka O hana likōpo tsa hae ‘me A araba A re, “Hase hantle ho nka bohobe ba bana, bo akhelloe lintja.” Hona e ne e le ho tiisa ka bokhabane hore ha ho ea nepahala ho abela melata le balichaba mahlohonolo a tliselitsoeng batho ba rekolohetsoeng ba Molimo. Karabo ena e ka be e nyahamisitse motho ea sa pheelleng. Empa mosali a lemoha hore nako e tšoanehelang e fihlile.EN 271.3

    Tlas’a ho neng ho bonahala e le tatolelo ea Jesu, a bona khauhelo eo A neng A ke ke A e pata. “Ke ‘nete, Morena, empa le tsona lintja li ja makumane a oang tafoleng ea mong’a tsona.” Esita le lintja ha li tloheloe li sa feptjoa! Ha ho le joalo, ha ho bile le mahlohonolo a mangata tjee a abetsoeng Iseraele, a ho ne ho se lehlohonolo la hae le eena na? O ne a nkoa joaleka ntja ‘me he, na joale h’a na tōkelo ea ntja lekumaneng le tsoang boruing ba Hae? Ha e-ba a e-na le tōkelo ea ntja, o ne a lumela ho nahanoa joaleka ntja; ‘me kapele-pele a lumela hore Jesu ke molopolli, ebile ke ea lōkelang ho etsa sohle seo a Mo kōpileng sona.EN 271.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents