Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 81—MORENA O TSOHILE

    [E itsetlehile ka Matheu 28:2-4, 11-15.]

    Bosiu ba letsatsi le qalang veke, bo ile ba feta butle. Kreste e ne e ntse e le motšoaruoa lebitleng la Hae. Tiiso ea Maroma e ne e tiile; masole a Roma a ne a ntse a lebetse. Hoja e ne e le ntho e ka etsahalang, khosana ea lefifi e ka be e koetse lebitla le tšetseng Mora oa Molimo ka ho sa feleng. Empa mangeloi a leholimo a matla ka ho fetisisa a ne a emetse ho khahlanyetsa Khosana ea bophelo.EN 521.1

    “Bonang, tšisinyeho e kholo ea lefatše ea e-ba teng, hobane lengeloi la Morena le ile la theoha leholimong.” Mahlaseli a hlakileng a khanya ea Molimo a bonesa tsela ea Hae. “Sebōpeho sa lona se ne se ka lehalima, ‘me seaparo sa lona se le sesoeu joaloka lehloa. Balebeli ba thōthōmela ke ho tšaba, ba e-ba joaloka bafu.”EN 521.2

    Moromuoa enoa, ke eena ea nkileng sebaka se siiloeng ke Satane ha a e-oa. Eitse ha a phikolosa lejoe eaka leholimo le kopane le lefatse. Masole a ile a mo bona ha a tlosa lejoe ha bobebe, joalekaha eka ke lehlohlojane, ba utloa a re, Mora oa Molimo tsoa; Ntat’ao Oa U bitsa. Ba bona Jesu A e-tsoa ka lebitleng, ‘me ba Mo utloa a phatlalatsa A le holim’a lebitla le butsoeng A re, “Ke ‘Na tsoho le bophelo.” Eitse ha A etsoa ka borena le khanya, lekhotla la mangeloi la Mo amohela ka lipina le lithoko.EN 521.3

    Balebeli ba Roma ha ba bona mangeloi ana, le Mopholosi ea khanyang, ba ile ba akheha, ‘me ba tšoana le ba shoeleng. Ha pono ena ea leholimo e se e patehile mahlong a bona, ba ile ba tsoha ‘me ba thekesela joalokaha eka ba tailoe, ‘me ba potlakela motseng, ba bolella bao ba kopanang le bona litaba tsena tse molemo. Ba ne ba e-ea ho Pilato, empa baprista le babusi ba ile ba ba khaoletsa pele ba fihla moo. Masole a ile a ba bolella tsohle tse etsahetseng, ka tšabo le thōthōmelo. A ile a re, Enoa ea neng a thakhisitsoe, ke Mora oa Molimo; Re utloile lengeloi le phatlalatsa hore ke Morena oa leholimo, le Morena oa khanya.EN 521.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents