Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Lekunutu La Matla A Bo-’na

    Jesu A eketsa, A re, “Leha ho le joalo le se ke la thabela hobane meea e litšila e ikokobeletsa lōna, empa le thabele hobane mabitso a lona a ngotsoe maholimong.” Hlokomelang e se re boitjaro ba kena ka ho lona, ‘me la sebetse ka matla a lona. Ka linako tsohle, bo-’na bo ikemiselitse ho inkela tlōtla, moo tšebetso e bontšang katleho. Ha re elelloa bofokoli ea rōna, re ithuta ho itšetleha ka matla a mang, a seng ka ho rōna. Sheba 2 Bakorinthe 12:10. Ha ho letho le ka fihlelang maikutlo hantle ka botebo, joaloka ho tseba lerato le tšoarelang la Kreste. Re tšoanetse ho ikamahanya le Molimo, ‘me re tla apesoa ka Moea o Halalelang, O tla re thusa ho ikopanya le batho bao re phelang le bona. Ha u ikopanya haholo le Mohlōli oa khanya le matla, o tla ba le matla a hlollang a ho sebeletsa Molimo.EN 333.3

    Ha ba mashome a supileng ba ntse ba mametse Kreste, Moea o Halalelang, O ne O ntse O ngola ‘nete lipelong tsa bona. Le ha matšoele-tšoele a ne a ba potapotile, e ne e ka ba na le Molimo boinotšing.EN 333.4

    Ka ho tseba hore ba fumane tšutšumetso ea nako eo, Jesu A inyakallela moeeng, A re, “Kea u boka, Ntate, Morena oa leholimo le oa lefatše, hobane litaba tsena u li patetse ba bohlale le ba seli, ‘me u li senoletse masea. E, Ntate, hobane u khahliloe joalo.”EN 334.1

    Bahlomphehi ba lefatše, ba bitsoang ka hore ba baholo, ba bohlale ba ile ba sitoa ho utloisisa semelo sa Kreste. Empa batšoasi ba lithlapi le batho feela ba filoe ho bona tse sa bonoeng. Nako le nako, ha ba ntse ba inehela ho matla a Moea o Halalelang, likelello tsa barutuoa li ne li fetoloa. Ba elelloa hore Molimo O matla ‘ohle, O teng har’a bona, A apere seaparo sa botho. Hangata ha A ne A ba bolella ka Mangolo a Testamente ea Khale, ‘me A bontša kamano ea Hae le ‘Ona, likelello tsa bona li ne phahamisetsoa leholimong. Ba fumana kutloisiso e hlakileng le ho feta ea bao e leng bona ba ngotseng litaba tseo sethathong. Kamorao ho moo, ba batla ho bala Ma-ngolo a Testamente ea Khale joaloka tšenolo e ncha e tsoang ho Molimo. Ba ne ba bone Eo “e leng Moea oa ‘nete, oo lefatše le ke keng la o amohela, hobane ha le o bone leha e le ho o tseba.” Johanne 14:17.EN 334.2

    Mokhoa o mong oo re ka fumanang kutloisiso e phethahetseng haholo ea ‘nete, ke ka ho bōlōka lipelo tsa rōna li nolofetse li thapisitsoe ke moea oa Kreste. Mahlale a botho a fokola haholo hore a ka utloisisa leano la topollo. Leha e le tsebo e kholo e ke ke ea hlalosa sena. Empa mahlale a topollo a ka tsejoa ka maiphihlelo. Ea bonang boetsa-libe ba hae ke eena feela ea ka utloisisang bohlokoa ba Mopholosi.EN 334.3

    Lithuto tseo Kreste A li rutileng ha A ntse A le leetong la Hae ho ea Jerusalema, li ne li tletse tataiso. Batho ba Berea, ba ne ba sa tsamaisoe ke bopaki ba bohata ba Bajuda, joaloka ba Judea, ‘me kahoo lithuto tsa Jesu li ile tsa fumana sebaka lipelong tsa bona.EN 334.4

    Likhoeling tsa ho qetela, bongata ba lipale tsa Kreste, li ne li boleloa. Baprista le baruti ba ne ba utloisisa hantle tlhakisetso ea Jesu, joale ba sa fumane letho leo ba ka Mo qosang ka lona. Kreste A pheta hape setšoantso sa nku e lahlehileng. A ntšetsa pele thuto ena, ka ho bolela tsa setšoantšo sa chelete e lahlehileng le ngoana oa lehlasoa. Kamora’ hore ba tšolleloe Moea o Halalelang, barutuoa ha ba e tsoa ka lebitso la Morena, ‘me ba teana le nyatso, bofutsana le hlōkōfatso, ba ne ba ikhothatsa lipelong kamehla, ka ho pheta-pheta mantsoe a khothatso ao Morena A neng A a buoe ha A le leetong la ho qetela, ha A re: “Se tšabeng, mohlatsana, hobane Ntat’a lōna o khahliloe ke ho le nea ‘Muso. Rekisang maruo a lōna, ‘me le thuse mafutsana; iketsetseng mekotlana e sa tsofaleng, letlotlo le sa feleng, maholimong, moo ho sa atameleng lesholu, leha e le tšoèlè ho senya, hobane moo letlotlo la lōna le leng teng, le lipelo tsa lona li tla ba hona teng.” Luka 12:32-34.EN 334.5

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents