Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 70—KRESTE O IKAMAHANYA LE MAFUTSANA LE BA MATSOENYEHONG

    [E itšetlehile ka Matheu 25:31-46.]

    Mohla Mor’a Motho a tlang,...o tla lula teroneng ea hae ea botlotlehi. Lichaba tsohle li tla phuthehela pel’a hae, ‘me o tla khetha ba bang ho ba bang.” Kreste O ile A tšoantšisetsa liketsahalo tsa letsatsi le leholo le kahlōlo joalo. Lichaba ha li bokane kapele ho Eena, e tla be e le lihlopha tse peli feela, ‘me qetello ea tsona ea bo sa feleng e tla laoloa ke mesebetsi eo ba e entseng kapa ba hlotsoeng ho e etsetsa Morena, ha ba sebetsana le bafumanehi le ba mahlomoleng.EN 432.1

    Ka tsatsi leo, Kreste ha A na ho hlahisetsa batho mosebetsi o moholo oo A O entseng, oa ho fana ka bophelo ba Hae; empa O tla ba hlahisetsa mosebetsi oa botšepehi oo ba Mo etselitseng oona. O tla re, “Tloong, lona ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate, le rue ‘Muso oo le o lokiselitsoeng haesale lefatše le theoa, hobane ke ne ke lapile, la mpha lijo; ke nyoriloe, la mpha ka noa; ke le moeti, la nkamohela; ke hlobotse, la nkapesa; ke kula, la ntlhoela; ke le chankaneng, la nchakela.” Empa bao ba Kreste a ba babatsang, ha ba tsebe hore ba kile ba Mo sebeletsa. Ha ba Mo botsa ba maketse, Kreste O araba ka hore, “Seo le se etselitseng e mong oa bao ba banyenyane ho bana beso, le se etselitse ‘na.”EN 432.2

    Jesu O re, “Ha le bona batho bohle ba hlorisoang ka lebaka la lebitso la Ka le bona ‘Na.” Le ba sebcletse joalokaha le ne le tla sebeletsa ‘Na. Bohle ba tsoaletsoeng lelapeng la leholimo, ke bana babo Morena oa rōna ka mokhoa o khethehileng. Lerato la Kreste le tlamahanya litho tsa lelapa la Hae hammoho. “Mang le mang ea nang le lerato o tsoetsoe ke Molimo, ‘me o tseba Molimo.” 1 Johanne 4:7.EN 432.3

    Bao Kreste A ba buellang kahlōlong, ke bao mohlomong ba sa kang ba tseba thutoMolimo empa ba ile ba thabela melao ea Hae. Esita le har’a bahedene ho ntse ho e-na le ba bang ba nang le lipelo tse molemo. Le pele mantsoe a bophelo a fihla litsebeng tsa bona, ba ile ba etsa setsoalle le baruti, ba itella bona esita le ka maphelo a bona. Bao ba rapelang Molimo ka ho se utloisise, ba sa kang ba isetsoa leseli ke batho ba bang, ba ke ke ba timela. Le hoja ba sa ka ba tseba molao o ngoliloeng oa Molimo, ba entse se batloang ke molao. Mesebetsi ea bona e supa hore Moea o Halalelang o amme lipelo tsa bona kahoo ba amoheloa e le bana ba Molimo.EN 433.1

    Batho ba lichaba ba maemong a tlase ba tla makala hakaakang, ha ba utloa mantsoe a tsoang molomong oa Mopholosi, ha A re, “Seo le se etselitseng e mong oa bao ba banyenyane ho bana beso, le se etselitse ‘na.”EN 433.2

    Empa lerato la Kreste ha le khethe, le anetse bohle. Ke Mor’a Motho kahoo Ke ngoan’abo mora le morali e mong le e mong oa Adama. Balateli ba Hae ha ba lōkela ho ikutloa e le ba khetholohileng ho batho ba lefatše lena le timelang. Le bona ke karolo ea batho ka kakaretso, ke bana babo baetsalibe, joalokaha e le bana babo bahalaleli. Lerato la Kreste le akarctsa baetsalibe kaofela, ‘me molemo o mong le o mong o ka etsetsoang ho phahamisa moetsalibe, o amoheloa joalokaha eka o entsoe ho Kreste.EN 433.3

    Mangeloi a leholimo a romeloa ho tla sebeletsa bao e tlang ho ba majalefa a topollo. Ha ho e-s’o tsebahale hore na ke bo mang ba tla arolelana lefa la leholimo le balalaleli khanyeng, empa mangeloi a potoloha kahohle lefatseng, ho thoba lipelo tsa ba hlomohileng le ho sireletsa ba hlorisoang, esita le ho hapela batho ho Kreste. Ha ho motho eo mangeloi a mo fetang feela. Hobane Molimo ha A ee ka tšobotsi ea batho.EN 433.4

    Ha u bula menyako ea hau, ho amohela batho ba Kreste ba hlokang le ba mahlomoleng, u amohela mangeloi u sa bone. A tlisa moea oa khalalelo, le thabo le khotso. Ketso e ‘ngoe le e ‘ngoe ea mohau e fana ka ‘mino leholimong. Ntate ea teroneng ea Hae, O balella basebetsi ba hlokang boikhabo har’a matlotlo a Hae a bohlokoa bo boholohali.EN 433.5

    Ba ka lehlakoreng le letšehali la Kreste, e leng ba Mo lahlileng ka ho se tsotelle batho ba hlokang le ba mahlomoleng, ba ne ba sa hlokomele molato oa bona. Ba ile ba icheba bo-bona, ‘me ba se ke ba tsotella bohloki ba batho ba bang.EN 434.1

    Molimo O file barui maruo e le hore ba tle ba thuse bana ba Hae ba hlokang, empa hangata haholo ba iphapanyetsa litlhoko tsa ba bang. Ha ba utloisise liteko le mathata a oelang mafutsana, ‘me mohau oa nyamela lipelong tsa bona. Maruo ao Molimo A ba fileng ‘ona hore ba thuse ba hlokang ka ‘ona, ba a sebelisa ka bonyollo ba boikhohomoso le boikhabo. Bafutsana ba tinngoa menyetla ea thuto eo ba loketseng hoba le eona ka ha mehauhelo ea Molimo; hobane O fane ka litsela tse ngata tsa hore ba tšelisoe ‘me ba tlatsetsoe ka tse hlokahalang tsa bophelo. Ba utloa bofutsana bo notlang maphelo a bona, ‘me hangata ba oela molekong oa ho ba mōna, le ho tlala lipelaelo tse khopo.EN 434.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents