Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Tšoantšiso Ea Kahlōlo Ea Ho Qetela

    Baprista le babusi ba ne ba ile ba baleha ka tempeleng ba tletsoe ke tšabo, ba balehela Ea neng A bala lipelo tsa bona. Kreste O ile A bona pono ena e tšoantša hore sechaba sa Bajuda se tla qhalana, ka baka la bokhopo le lipelo tsa bona tse thata.EN 101.3

    Baprista ba ne ba balehelang? Ke eng ha ba ne ba sa ikemele? Eo Ea neng A ba tebela, e ne e le mor’a ‘metli, Mogalelea oa mofumanehi. Ke eng ha ba ne ba sa itšireletse? Ke eng ha ba ile ba siea chelete ea bona ea bolotsana, ho balehela Eo Ea sebōpeho se tlase?EN 101.4

    Kreste O ne A bua ka matla a bokhosi, ‘me sebopeho sa Hae le lentsoe la Hae, li ne li e-na le seo ba ke keng ba se emela. Ha ba utloa taelo ea Hae, ba ile ba elelloa boemo ba Hae ba ‘nete, hore bona ke baikaketsi le basenyi. Ha bo-Molimo bo khantša botho ba Hae, ba ile ba iphumana eka ba ka pel’a terone ea Moahloli ea sa feleng, ‘me ba se ba ahlōtsoe ka ho sa feleng. Ka nakoana eo, ba bangata ba ile ba lumela hore ke Mesia. Moea o Halalelang O ile oa chabisetsa likelellong tsa bona lipolelo tsa baporofeta tse buang ka Kreste. E be ba tla lumela ho kholisoa?EN 101.5

    Ha ba ka ba baka. Ba ne ba tseba hore ba molato oa ho qhekella batho. Ba hloea Kreste hobane A ile A bala menahano ea bona. Khalemelo ea Hae e pepeneneng e ile ea ba soabisa, ‘me ba tlaloa ke mōna ha ba bona ‘ tšusumetso ea Hae bathong e hōla. Ba rera ho mo qholotsa ka ho Mo botsa hore na matla a ho ba tebela O A nkile kae.EN 102.1

    Ba khutlela tempeleng butle, le ka ho inahana, empa ba tletse lehloeo ka lipelong tsa bona. A phetoho e kaakang! Ha ba ne ba baleha, bafumanehi ba ne ba ile ba salla morao; ‘me joale ba ne ba talimile Jesu, eo sefahleho sa Hae se neng se tletse lerato le mohau.EN 102.2

    Batho ba ne ba bokanetse Kreste, ba etsa boipiletso bo potlakileng bo reng, Morena, ntlhohonolofatse. Tsebe ea Hae e ne e utloa sello se seng le se seng. Bohle ba ne ba mameloa. Bohle ba ile ba folisoa mafu a bona.EN 102.3

    Ha baprista le basebeletsi ba tempele ba bona mosebetsi ona o moholo, ba ile ba fihleloa ke tšenolo e kholo. Batho ba ne ba pheta tsa ho tšoengoa ke bohlōkō, ka ho nyebeha ha bona, ka matsatsi ao ba a qetileng ba opeloa, le ho hlobaela bosiu. Moo tšepo ea bona e seng e fela, Kreste A ba folisa. E mong a re, moroalo ona o ne o le boima, empa ke fumane mothusi. Ke Kreste oa Molimo, ke tla nehela bophelo ba ka tšebeletsong ea Hae. Batsoali ba laea bana ba bona, ba re, O pholositse bophelo ba hao; phahamisa lentsoe la hao, ‘me u Mo rorise. Tsepo le thabo tsa tlala lipelong tsa bana le bacha, bo-ntate le bo-’m’e, metsoalle le ba shebeletseng. Ba ile ba folisoa moeeng le ‘meleng, ‘me ba khutlela hae ba bolela ka lerato la Jesu.EN 102.4

    Ha Jesu A thakhisoa, bao A neng A ba folisitse ha ba ka ba kena mokhoping o neng o hoeletsa o re, “Ha thakhisoe, ha thakhisoe.” Ba ne ba utloela Jesu bohlōkō, hobane ba ne ba utloile matla A Hae a makatsang. Ba ne ba Mo tseba e le Mopholosi oa bona. Ba ile ba mamela baapostola, ‘me ba fetoha lipaki tsa mohau oa Molimo le lisebelisuoa tsa pholoso ea Hae.EN 102.5

    Sechaba se neng se balehile ka tempeleng, se ile sa khutlela butle kamora’ nako, empa lifahleho tsa bona li ne li bontša ho sa ikemesetsa ho fetoha le lihlong. Ba ne ba khotsoe hore boporofeta ba Mesia bo phethehile ka Jesu. Sebe sa ho silafatsa tempele, se ne se le ho baprista. Ba ne ba lumeletse hore mabala a tempele a fetohe ‘maraka. Batho ba ne ba se na molato. Empa baprista le babusi ba ile ba nka thōmo ea Kreste e le phetoho e ncha, ‘me ba Mo botsa hore na matla a ho kena-kenana le se lumeletsoeng ke ba boholong tempeleng O a nkile kae. Ba ile ba khentšoa ke hobane mokhopi oa thekiso o ne o khaolitse, ‘me ba thibela matla a Moea o Halalelang maphelong a bona.EN 102.6

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents