Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Satane O Ne A Leka Ho Fihlela Kreste

    Satane o ne a leka ho tepeletsa Jesu ‘me a Mo fapose thōmo ea Hae, ‘me Petrose o ‘ne a buisoa ke moleki. Morena oa bokhopo, moqapi oa mohopolo o na o buuoang ke Petrose, ke eena ea neng a buisa Petrose joalo. Satane o ne a hlahiselitse Kreste borena ba lefatše a re a ka Mo fa bona ha feela Kreste A ne A ka tlohela tsela ea tlotlōllo le sehlabelo. Joale o ne a batla ho tiisa shebisa Petrose linthong tsa lefatše, eseng sefapanong. Ka Petrose, o ne a boetse a pheta moleko oo a kileng a leka Jesu ka ona.EN 284.1

    Empa Mopholosi ha A ka A o natsa. Khopolo ea Hae e ne e le ho morutuoa oa Hae. Satane o ne a ile a kena lipakeng tsa Petrose le Moruti oa hae. Mantsoe A Kreste a builoe a lebisoa ho ea lekang ho mo arohanya Petrose le Molopolli oa hae: “Tloha ho ‘Na, Satane.” Ntlohelle Ke talimane le Petrose ‘me Ke mo koahollele sephiri sa lerato la Ka.EN 284.2

    Ebile thuto e bohlōkō, eo Petrose a e fumaneng empa butle-butle. Tsela ea Kreste e ne e tla tsamaea har’a mahlomola le nyeliso. Empa lebatameng la mollo oa sebōpi morutuoa enoa o ne a tla ho ithuta lehlohonolo la eona. Morao-rao o ngola a re, “Thabo ea lōna e ke e lekane le kabelo eo le nang le eona mahlōkōng a Krete, e le hore le tle le thabe, le nyakalle, mohla tlōtla ea hae e bonahatsoang.” 1 Petrose 4:13.EN 284.3

    Joale Jesu A hlalosetsa barutuoa ba Hae hore bophelo ba Hae ba boitelo ebile mohlala oa kamoo ba bona bo lōketseng ho ba kateng: “Haeba mang kapa mang a rata ho ntatela, a itele, a inkele sefapano, a ntatele.” Sefapano, sesebelisoa sa ‘muso oa Roma, ebile mokhoa o sehloho, o tletseng nyeliso, oa lefu. Batloli ba melao ba ne ba hlokoa ho itjarela sefapano ho ea sebakeng sa polao. Hangata ha se ne se beoa mahetleng a bona feela, ba ne ba tlakalla ka pefo le ntoa, ho fihlelea ba hlōloa. Ho barutuoa mantsoe a Jesu, leha a ne a utloisisoa ka lerootho, a ne a supa ho ikokobeletsa lefu ka lebaka la Kreste.EN 284.4

    Mantsoe a Mopholosi a tšoantšitse phethahalo e tletseng ea boineelo. Empa sena sohle O ne A se amohetse bakeng sa bona. O siile lehae la leholimo la borena A nka bophelo ba hlomphollo le nyeliso, le lefu la lihlong. Eena Ea neng A ruile letlotlo le ke keng la rekoa la leholimo, A fetoha Ea fumanehileng e le hore ka bofutsana ba Hae re be barui. Re lokela ho latela tsela eo A e tsamaileng.EN 285.1

    Ho rata meea ho bolela thakhiso ea boithati. Eo eleng ngoana oa Molimo o lōkela ho ipona e le lehokela ketaneng e lepelelitsoeng tlase ho pholosa lefatše, a lumellana le Kreste, a tsamaea le Eena ho batla le ho pholosa ba lahlehileng. Mokreste o ikhethetse Molimo, ‘me ka semelo o lokela ho tsebahatsa Kreste ho lefatše.EN 285.2

    “Mang le mang ea ratang ho baballa bophelo ba hae bo tla mo senyehela, empa mang le mang ea senyeheloang ke bophelo ba hae ka baka la ka o tla bo rua.” Boithato ke lefu. Pelo, ha e hloleha ho fepela letsoho le hlooho mali a phelisang kapele e ka felloa ke matla. Le joalo lerato la Kreste ha le hasantsoe karolong e ‘ngoe le e ‘ngoe ea ‘mèlè oa Hae. Re litho e mong ho e mong, ‘me moea o hanang ho aba o tla timela. “Ebe motho a ka boelloa ke eng haeba a ka rua lefatše lohle, empa a senyeheloa ke bophelo ba hae? Kapa motho a ka rekanya bophelo ba hae ka eng?”EN 285.3

    Kreste A supisa barutuoa ka ho tla ha Hae ka khanya A e-na le makhotla a leholimo. ‘Me mohlang oo, “O tla putsa motho ka mong ka ho ea ka seo a se entseng.” Ha A ba khothatsa A ba tšepisa a re, “Ruri kea le bolella: Ho na le ba bang har’a ba emeng mona ba ke keng ba tseba lefu hofihlela ba bona Mor’a Motho a e-tla ka ‘Muso oa hae.”EN 285.4

    Empa barutuoa ha ba ka ba utloisisa mantsoe a Hae. Maikutlo a bona a ne a tsepame holim’a bofutsana, nyeliso, le mahlomola. Na ba ne ba sa tl’o bona morena oa bona A phahamisetsoa teroneng ea Davida? Ebe Kreste O lōkeloa ho nyelisoa le ho lahloa ‘me A bolaoe? Masoabi a imela lipelo tsa bona, ka ha ho ne ho sa utloahale hore Mora oa Molimo A ka ba tlas’a nyeliso e sehloho joalo. O ikisetsang Jerusalema moo A il’o tšoaroa ka sehloho joalo? Ho tla joang hore A ipee tlokotsing ee ebe O ba siea lefifing le fetang leo ba neng ba phopholetsa har’a lōna pele A itšenolela bona?EN 285.5

    Naheng ea Sesarea oa Filipi, barutuoa ba ne ba utloisisa hore Kreste ha ho letho leo A ka le tšabang la lehloeo la Bajuda kapa ona matla a Baroma. Ha A sebetse teng ke’ng? Ke’ng ha A ineela lefu? Haeba A lōkela ho shoa, ‘muso oa Hae o ka thehoa ka ho tiea joang hoo likhoro tsa qalo ea bafu li ke keng tsa o hlōla? Hona ruri e bile sephiri.EN 286.1

    Hona joale ba ne ba e-ea nqa motseng moo tšepo eohle ea bona e neng e tla fela. Ba ne ba buela tlase hammoho ka ho hlomoha, ba bua ka bokamoso. Mohlomong taba e sa lebelloang e ka suthisa tsuo e bonahetseng e emetse Morena oa bona. Ka hona ba belaela, ba tšepa, ‘me ba tšoha, ka litšiu tse telele, tse tšeletseng, tsa tepello.EN 286.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents