Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Tumelo Ea Maria Ea Putsoa

    Maria leha a ne a sa utloisise thōmo ea Kreste, o ne a Mo tšepa ka ho tlala. Kreste O ile A putsa tumelo ena. Ho ananela tšepo ea hae le ho matlafatsa tumelo ea barutuoa ba Hae A etsa mohlolo oa pele. Ho barutuoa, baporofeta ba ne ba bontšitse ntle le khoao hore Jesu ke Mesia, empa ba ne ba soabisitsoe haholo ke ho hloka tumelo le lehloeo le tebileng la baprista le baruti. Mehlolo ea pele ea Mopholosi E ile ea tiisa barutuoa hore ba eme ba tiile har’a khanyetso.EN 93.3

    Maria a re ho ba fepang tafoleng, “Eng le eng eo a le bolellang eona, le e etse.”EN 93.4

    Ho ne ho e-na le linkho tse kholo tse tletseng metsi pel’a monyako. Jesu A laela basebeletsi hore ba li tlatse ka metsi. Eaba A re, “le isetse motsamaisi oa mokete.” Metsi a ne a fetohile veine.EN 93.5

    Eitse hoba mong’a mokete a latsoe veine e tlisoang ke basebeletsi, a fumana e le monate ho feta tsohle tseo a kileng a li latsoa. Ha a fetohela ho monyali a re, “Batho bohle ba ee ba qala ka veine e monate pele, ‘me ha bamemuoa ba se ba noele, ba tlise e mpe; uena u bōlōkile veine e monate ho fihlela joale.”EN 93.6

    Limpho tse fanoang ke lefatše, li ka boheha ha li talingoa ‘me tsa thabisa maikutlo, empa ha li khotsofatse. “Veine” e fetoha masoabi, thabo e fetohe masoabi. Se neng se qaliloe ka lipina le thabo, se qetelle ka mokhathala le ho teneha, empa limpho tse tsoang ho Jesu li pholile ‘me li ncha kamehla. Mokete oo A O etsang ha O lese ho fana ka thabo le khotsofalo. Lisebelisuoa ha li ke ke tsa fela. Ha u lula ho Eena, mpho e kholo eo u e fumanang kajeno e etella pele e fetisisang kamoso.EN 93.7

    Mpho ea Kreste moketeng oa lenyalo e ne e le setšoantšo. Metsi a neng a tlatsa linkho, a ne a khuoe ka matsoho a batho, empa ke Lentsoe la Kreste feela le neng le ka a fa bophelo. Lentsoe la Kreste le fana ka tsohle tse hlokahalang moketeng. Mohau oa Hae o moholo hoo o ka hlakolang bobe, ho nchafatsa le ho baballa moea. Veine eo Kreste A ileng A e etsa moketeng, esita le eo A neng A e fa barutuoa e le setšoantšo sa mali a Hae, e ne e le lero le hloekileng la morara. Esaea o bua ka lona ha a bua ka veine e ncha e lesihleng la morara ha a re, ‘’Le se ke la o lahla, hobane o sa na le molemo.” Esaea 65:8.EN 94.1

    Kreste O fane ka tlhokomeliso testamenteng ea khale O itse, “Veine ke moikakasi, joala bo baka lerata, ea khelosoang ke tsona o hloka bohlale.” Maele 20:1. Le Eena ka bo-Eena, ha A ka A fana ka seno se joalo. Satane o leka batho ho kenya ka hare ho ‘mele ea bona lintho tse fifatsang kelello le ho thotofatsa pono ea moea, empa Kreste O re ruta ho bea botho bo katlase tlas’a taolo. Ke Kreste ea ileng A laela hore Johanne Mokolobetsi a se ke a noa veine le ha e le ho tahang. O ile a laela boitimo bo joalo le ho mosali oa Manoa. O beile thohako ho ea fang mohaisani le eena botlolo ea tai. Sheba Habakuke 2:15. Kreste ha A ka A hanyetsa thuto ea Hae. Veine e sa lomosoang eo A ileng A e etsetsa baeti moketeng oa lenyalo, e ne e le senoamapholi se phethahetseng, se khathollang.EN 94.2

    Ha baeti ba ntse ba khotsa veine ena, lipatlisiso li ile tsa etsoa, tse ileng tsa etsa hore basebeletsi ba hlalose tsa mohlolo. Kamora’ nako e telele ha sehlopha sena se batla Jesu, O ne A se a nyametse.EN 94.3

    Joale batho ba fetohela ho barutuoa, ‘me bona ba fumana monyetla oa ho ba bolella ka tumelo ea bona ho Jesu. Ba bolela ka tseo ba li boneng le tseo ba li utloileng Jorodane. Pale ea mohlolo ona e ile ea tlala-tlala, ea ba ea fihla Jerusalema. Baprista le baholo ba batlisisa boporofeta bo supang ho tla ha Kreste ka thahasello e ncha.EN 94.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents