Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 24—“NA HASE MORA OA ‘METLI OA MAPOLANKA?”

    [E itšetlehile ka Luka 4:16-30.]

    Ka har’a matsatsi a matle a boqosa ba Kreste Galelea, ho ne ho na le tšitiso e le ‘ngoe -ea hore batho ba Nasaretha ba ne ba ile ba Mo latola. Ba re, “Na hase mora oa ‘metli oa mapolanka?” Matheu 13:55. Nakong ea bocha ba Hae, Jesu O ne A ile A rapela le bana babo tlung ea thapelo ea Nasaretha. Haesale A qala mosebetsi oa Hae, O ile A ba sieo har’a bona, ‘me eitse ha A boela A ba teng har’a bona hape, tebello ea bona ea phahama haholo-holo. A bona lifahleho tseo A li tloaetseng, tseo A li tsebileng ho tloha bonyenyaneng ba Hae. Ho le teng ‘m’ae, le bana babo le likhaitseli, ‘me mahlo ‘ohle a talimile ho Eena ha A kena tlung ea thapelo ka letsatsi la Sabatha, ‘me A lula har’a bona ho rapela ‘moho le barapeli.EN 153.1

    Nakong ea litšebeletso tsa mehla moholo o ne a khothaletsa batho hore ba lule ba lebeletse Eo Ea tlang ho tla, ea tla tlisa puso ea khanya ‘me A felise khatello eohle. O ne A leka ho khothatsa bamameli ba hae, ka ho pheta-pheta bopaki ba hore ho tla ha Mesia ho se ho le haufi. A tiisa mohopolo oa hore O tla hlaha A eteletse pele mabōtho a tlang ho tla lokolla Iseraele bokhobeng.EN 153.2

    Ha moruti a ne a le teng o ne a lebelloa hore a fana ka thuto, ‘me Moiseraele e mong feela o ne a ka fana ka palo ea lentsoe, bukeng ea baporofeta. Ka Sabatha seo, Jesu O ile A kopuoa ho thusa tšebeletsong. A “ema, hore a tle a bale. A neeloa buka ea moporofeta Esaea.” Lengolo leo A ileng A le bala, le ne le tsejoa ele le buang ka Mesia Le re:EN 153.3

    Moea oa Morena o holim’a ka
    hobane a ntlotselitse
    ho bolella mafutsana
    molaetsa o molemo,
    o nthōmetse
    ho phatlalletsa bathopuoa
    tsa tōkōlōho,
    le lifofu hore li tla tutuboloha,
    le ho lokolla ba hateletsoeng,
    le ho phatlalatsa lemo sa Morena
    sa mehauhelo.”
    EN 154.1

    “Hoba a koale buka, ‘me a e khutlisetse ho mothusi, a lula, ‘me mahlo a bohle ba ka tlung ea thapelo a e-ba holim’a hae....Bohle ba mo paka, ba makalla mantsoe a mohau a tsoang molomong oa hae.”EN 154.2

    Ha A hlalosa mantsoe ao A ileng a a bala, Jesu O ile A bolela hore Mesia ke Mopholosi oa ba hateletsoeng, Ea folisang ba kulang Ea tutubollang ba foufetseng, ‘me a ba senolela leseli la ‘nete. Molaetsa o hlollang oa mantsoe a Hae oa hlasimolosa bamameli ba Hae ka matla ao ba qalang ho a utloa. Matla a molaetsa ona o halalelang, a heletsa marako ‘ohle a tšitiso. Eare ha lipelo tsa bona li sisintsoe ka Moea o Halalelang, ba arabela ka li-amen tse mofuthu le lithoriso tse eang ho Morena.EN 154.3

    Empa eare ha Jesu A ba bolella, A re “Kajeno temana ena ea Mangolo e phethahetse moo le utloang,” hanghang ba hopola boipolelo ba Motho Eo ea neng a buisana le bona. Bona, bana ba Aborahama, ba ne ba hlalositsoe e le ba litlamong, e le batšoaruoa ba neng ba tšoanela ho lokolloa matleng a bobe; ba le lefifing, ‘me ba hloka leseli la ‘nete. Boikhantšong ba bona ba iphumana ba rohakiloe. Mosebetsi oo Jesu A neng A o etsa har’a bona o ne o tla fapana ho hang le seo ba neng ba se lebeletse. Liketso tsa bona li ne li ka ‘na tsa hlahlojoa ka thata. Ba honyela, ba tšaba ho hlahlojoa ke mahlo ao a hlakileng, a phunyeletsang.EN 154.4

    “Jesu enoa ke mang?” Ba botsa. Eena eo ea ipolelang hore ke Mesia ea khanyang e ne e le mora oa ‘metli. Ba ne ba Mo bone ha A ntse A sebetsa, A nyolosa, A theosa le marallana. Ba ne ba tseba baena le likhaitseli tsa Hae, ba tseba le bophelo ba Hae le mesebetsi ea Hae. Ba ne ba ile ba ‘mona ha A ntse A hola ho tloha bonyenyaneng ho isa ha e le monna. Leha bophelo ba Hae bo ile ba hloka sekoli, ba ne ba sa kholoe hore ke Eena Ea tšepisitsoeng. Ba lumella khoao, ‘me lipelo tsa bona tsa thatafala, leha li ne li ile tsa nolofala ka nakoana. Satane a sebetsa ka matla a maholo hore a ba tiiseletse ho se lumeleng.EN 154.5

    Ba ne ba ile ba sisinngoa ke kholiseho ea hore Ea neng A buisana le bona ke Eena Mopholosi oa bona. Eaba Jesu O ba fa bopaki ba bo-Molimo ba Hae ka ho senola menahano ea bona ea lekunutu. A re, “Ha ho moporofeta ea amohelehang motseng oa habo. Kannete kea le bolella, ho ne ho e-na le basali ba bangata ba bahlolohali Iseraeleng mehleng ea Elia, pula e sa ne ka lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng, tlala e kholo e le teng naheng eo eohle. Empa Elia ha aa ka a rōmeloa le ho ea mong oa bona, haese ho mosali oa mohlolohali, Sarepeta, naheng ea Sidone. Ho ne ho bile ho e-na le balepera ba bangata Iseraeleng mehleng ea moporofeta Elisha, ‘me ha hoa ka ha hloekisoa le ea mong oa bona, haese Mosiria Naamane feela.”EN 155.1

    Bahlanka bao Molimo A neng A ba khethile, ba ne ba sa lumelloa hore ba sebeletse sechaba se thatafalitseng lipelo, ‘me se sa lumele. Mehleng ea Elia, Iseraele e ile ea latola maqosa a Morena. Ka lebaka leo, Molimo A fumanela mohlanka oa Hae setšabelo naheng ea bohedene, ha mosali eo e neng e se oa sechaba se khethiloeng. Empa pelo ea mosali enoa e ne e bulehetse ho amohela leseli le leholo leo Molimo A ileng A le rōmela ka moporofeta oa Hae.EN 155.2

    Ka lebaka le tšoanang, le mehleng ea Elisha, balepera ba Iseraele ba ile ba fetoa feela. Empa Naamane, monna ea phahameng oa mohedene, o ne a le maemong a ho amohela limpho tsa mohau oa Molimo. Ha a ka a hloekisoa lepera feela, empa o ile a hlohonolofatsoa ka ho tseba Molimo oa ‘nete. Bahedene ba khethang ho etsa ho lōka ho fihlela kamoo ba ka tsebang ho hlalohanya hantle, ba boemong bo molemo ho feta batho ba ipolelang hore ba sebeletsa Molimo, empa ba sa tsotelle leseli, ‘me maphelo a bona a letsatsi le letsatsi a hanana le boipolelo ba bona.EN 155.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents