Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Liteko Tse Matla Tsa Ho Tsoa Jesu

    Hang hoba letsatsi le chabe, lekhotla la Sanhedrin la boela la kopana, ‘me Jesu A boela ka tlung ea lekhotla. O ile A ipolela hore ke Mor’a Molimo, empa ba ne ba keke ba Mo ahlōla ka taba eo, hobane ba bangata ba ne ba le sieo litabeng tsa bosiu, ‘me ba sa utloa mantsoe a Hae. Ebile ba ne ba tseba hore lekhotla la Roma le tla sitoa ho fumana ho bona bopaki bo lekanang lefu. Empa ha ba ne ba ka ikutloela molomong oa Hae, ha A bolela hore ke Mesia, ba ne ba ka ‘na ba nka polelo eo e le boitseko ba lipolotiki.EN 476.1

    “Haeba u le Kreste, re bolelle,” ba rialo. Empa Kreste A thōla. Ba tsoela pele ho Mo botsa lipotso. Qetellong A araba, “Ha nka le bolella, ha le ka ke la ntumela, ‘me ha nka le botsa, ha le ka ke la nkaraba.” Eaba O eketsa ka tlhokomeliso e mahlonoko, “Empa ho tloha joale, Mor’a Motho o tla lula ka letsohong le letona la Molimo ea matla ‘ohle.”EN 476.2

    “Na u Mora oa Molimo?” ba botsa. A re ho bona, “Lea bolela, ke eena.” Ba hoeletsa ba re, “Re sa hloka bopaki ba eng? Re ikutloetse molomong oa hae.”EN 476.3

    Joale Jesu O ne A lokela ho shoa. Ho neng ho hlokahala joale e ne e le hore Baroma ba tiise tsuo ena.EN 476.4

    Joale ha tla pono ea boraro ea tšenyeho, e mpe ho feta e neng e hlaha ho sehlopha se sa tsebeng letho. Hona ha etsahala mahlong a baprista le babusi, ka tšusumetso ea bona. Hoba kahlōlo ea Jesu e phatlalatsoe ke baahloli, batho ba tšoaroa ke bohale ba bosatane. Ba khorohela Jesu. Hoja e se be ka masole a Roma, A ka be A sa phela ho fihlela A thakhisoa sefapanong sa Kalfari. A ka be A tamolotsoe litsekana. Babusi ba Roma ba khalemela, ‘me ba thibela bohlaha ba sechaba ka likhoka.EN 476.5

    Banna ba bahedene ba halefisoa ke tlhōkōfatso ea Motho ea sa fumanoang a le molato. Baokameli ba Roma ba bolela hore ho khahlanong le molao oa Bajuda, ho ahlōlela motho lefu ka boipolelo ba Hae. Hona ha ka ha khutsisa mofere-fere ho se ho kae, empa baetapele ba Bajuda ba ne ba hloka mohau le lihlong.EN 476.6

    Baprista le babusi ba lebala maemo a bona a tšebetso, ‘me ba tlontlolla Mora oa Molimo ka lipolelo tse mpe. Ba Mo soma ka batsoali ba Hae. Ba bolela hore kahobane A ipolela e le Mesia, O lōkeloa ke lefu le lihlong ka ho fetisisa. A akheloa seaparo se tsofetseng hloohong, ‘me bahlorisi ba Hae ba Mo otla mahlong ba re, “Porofeta! Ke mang ea u otlileng?” E mong ea soto a Mo tšoela sefahlehong.EN 477.1

    Mangeloi a ngola ka botšepehi, tsohle tse mpe tse entsoeng Moetapele oa bona ea ratoang, mahlapa le mahlo a rohakanang. Ka letsatsi le leng, batho bana ba rohakileng sefahleho sa Kreste se khutsitseng, se pulufetseng, ba tla se bona se le khanyeng, se khanya ho feta letsatsi.EN 477.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents