Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ha Ho Balebeli Ba Ntlo Ea Borena

    Ha ba le Betlelehema ha ba ka ba fumana balebeli ba ntlo ea borena ba tlil’o tšireletsa Morena ea qetang ho hlaha. Ho ne ho se na batho ba hlomphehang ba lefatše ba neng ba il’o bona lesea. Jesu O ne A beiloe sejelong, batsoali ba Hae e le bona feela ba Mo lebetseng. Ebe enoa ke Eena ea tšoanetseng hore A “khutlise merabe ea Jakobo,” A be ‘’leseli ho balichaba,” le “ho pholosa ha ka pheletsong tsa lefatše?” Esaea 49:6.EN 38.3

    “Ha ba fihla ka tlung, ba bona ngoana le ‘m’ae Maria; ba itihela fatše, ‘me ba khumamela ngbana, ba nt’o bula matlōle a bona, ba mo nyehella ka limpho: khauta, mokubetso, le ‘mira.” A tumelo e hlollang ea bona!EN 38.4

    Banna ba bohlale, ba sa kang ba ela hloko mehopolo ea Heroda, ba itokisetsa ho pota le ho eena, Jerusalema, ho ‘molella ka katleho ea leeto la bona. Empa torong ba senoleloa ke Molimo hore ba se hlole ba fapohela ho Heroda ho ‘molella litaba tseo. Ba koekoetla Jerusalema, ba khutlela lefatšeng la habo bona ka tsela e sele.EN 38.5

    Ka tsela e tšoanang, Josefa a fumana temoso, ka toro, hore a nke ngoana le Mae Maria ba balehele Egepeta. Josefa a mamela taelo hang-hang, a tsoha bosiu hore ba se tšohe ba oeloa ke kotsi.EN 39.1

    Lipatlisiso tsa banna ba bohlale Jerusalema, le thabo e thahasellisang e ileng ea anela hohle, esitana le mōna oa Heroda, tsa sisinya thahasello ea baprista le borabi, ‘me ba lebisa menahano ea bona mangolong a boporofeta a buoang ka Mesia, le tse kholo tse tsoa etsahala.EN 39.2

    Satane, a ikemiselitse ho thibela khanya ea leholimo ho khanyetsa lefatše, a sebelisa maqiti ohle ho bolaea Mopholosi. Empa Ea sa otseleng leha e le ho robala, A lokisetsa Maria le ngoana Jesu tšireletso lefatseng la bahedene. Hape ka limpho tse tsoang ho banna ba bohlale, ba tsoang lefatšeng la bohedene, Morena A tlatsetsa ka tseo ba tla li hloka ho ea Egepeta esita le nakong eo ba tla e lula ele bajaki teng.EN 39.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents