Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Molao Ona O Ile Oa Rojoa Leholimong

    Sebe se qalile ka boipatlo. Lucifera, eo e neng e le lengeloi le okametseng areka ea Molimo, la qala ho ba le takatso ea hore e be eena ea moholo leholimong. A qala ho leka ho hohella mangeloi a leholimo hole le ‘Mopi oa bōna, ‘me a ikhapele hlompho. A leka ho etsa hore libōpeho tsa hae tse litšila eke ke tsa ‘Mopi ‘me a hohella mangeloi hore a belaelle lentsoe la Molimo, ‘me a be a hloke tšepo ho lokeng ha Molimo. Satane a susumetsa hore ba bone Molimo e le motho ea bohale, ea se nang tšoarelo. Ka tsela ena a thetsa mangeloi. Ka eona tsela eo a thetsa batho ‘me lefifi la bosoto la lula holim’a lefatše.EN 12.2

    Lefatše la e ba lefifing ke ho se utloisise Molimo. Hore lefatše le tie le khutlele ho Molimo hape, matla a mashano a Satane a tlameha hore a thuhuoe. Ketso ena e ne e ke ke ea etsoa ka likhoka. Molimo O batla tšebeletšo ea lerato, ‘me lerato le ke ke la hapuoa ka matla kapa ka borena. Ke ka lerato feela lerato le ka tsosolosoang. Ho tseba Molimo ke ho Mo rata; semelo sa Molimo se tlamehile ho totobatsoa se le khahlanong le sa Satane. Semelo sa Molimo se ka senoloa ke Motho a le mong feela. Ke Ea tsebang bophahamo le botebo ba lerato la Molimo.EN 12.3

    Leano la topollo ea rōna ha lea ka la thehoa kamora’ hore Adama a etse sebe. E ne e le tšenolo ea “sephiri se neng se patehile ho tloha tšimolohong.” Baroma 16:25. E ne e le ho manolla tsamaiso ea ho tloha mengoaheng e sa baloeng eo e saleng e le mothèo oa terone ea Molimo. Molimo O ile oa bona e sa le pele hore sebe se tla ba teng, ‘me A etsa leano la topollo, hore ha kotsi ea sebe e fihla, e fumane ho se ho e-na le leano la topollo le tla khahlametsa tlokotsi eo. Molimo Oa etsa selekane hore O tla fana ka Mor’a Oona ea inotsi, “hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” Johanne 3:16.EN 13.1

    Lucifera o ne a itse, “Ke tla nyolohela leholimong, ke phahamise terone ea ka, ke e phahamisetse kaholimo ho linaleli tsa Molimo,...ke itekanye le Ea Phahametseng tsohle.” Empa Kreste, “Eena o ne a e-na le boleng ba Molimo,...empa o ile a iketsa lefeela, a inkela boleng ba lekhoba, a tšoana le batho, a phela joaloka motho.” Esaea 14:13,14; Bafilipi 2:6,7.EN 13.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents