Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ho Ne Ho Se Mokoloko Oa Ba Llang Tlhōlong Ena

    Lefatše le ne le e-s’o bone mokoloko o joalo oa tlhōlo. Mopholosi O ne A bokanetsoe ke litholoana tse khanyang tsa mesebetsi ea Hae ea lerato eo A e etselitseng motho oa moetsalibe. Litholoana tseo e ne e le batšoaruoa ba lopolotsoeng matleng a Satane. Lifofu tseo A li tutubolotseng tsa Mo etella pele. Limumu tseo A li rarolotseng maleme tsa hoeletsa ho feta bohle. Liritsa tseo A li folisitseng li ne li tlolela holimo ke thabo. Balepera bao A ba folisitseng bona ba ala liaparo tse bona tse hloekileng tseleng ea Hae. Lasaro, ea tsositsoeng borokong ba lefu, o ne a hula esele eo Mopholosi A neng A e kaletse. Bafarisi ba bangata ba neng ba tletse mōna, ba ile ba leka ho khutsisa sechaba, empa boipiletso le litšoso tsa bona tsa etsa hore sechaba se hōoe le ho feta pele. Qetellong ba toba Mopholosi ka mantsoe a khalemelo le litšoso, ba re, “Moruti, khalemela barutuoa ba hao.” Ba bolela hore ho etsa lipontšo tse lerata joalo ke tlolo ea molao. Empa ba ile ba khutsisoa ke mantsoe a Jesu ha A re, “Kea le bolella, haeba barutuoa bana ba ka khutsa, majoe a tla hōoa. Pono eo ea tlhōlo e ne e ile ea boleloa khale ke moporofeta. Hoja batho ba hloloa ho phethahatsa morero oo, Molimo A ka be A file majoe a sa pheleng mantsoe, ‘me a ne a tla phafa Mora oa Hae ka thoriso. Eitse ha Bafarisi ba khutsitseng ba emella thōko, mantsoe a Sakariea a amoheloa ke ba makholokholo, a reng, “Uena Morali oa Sione nyakalla haholo! Uena Morali oa Jerusalema etsa litlatse! Bona! Khosi ea hao e tla ho uena; e lokile, e tlisa topollo, e ikokobelitse, e palame tonki, e palame petsana ea tonki.”EN 383.3

    Eitse ha mokoloko o fihla mosikong oa thaba, Jesu ‘moho le letšoele lohle ba ema. Ka pele ho bona e ne e le motse oa Jerusalema ka khanya ea oona, o hloekisitsoe ke khanya ea letsatsi ha le likela. Tempele e khabileng ka botle bo boholo, e ne e okametse lintho tsohle ka ho phahama, e bile tlōtla le khanya ea sechaba sa Bajuda ha nako e telele. Maroma le ‘ona a ne a ithorisa ka botle ba tempele eo. Matla a eona le borui li ne li entse hore e be e ‘ngoe ea mehlolo ea lefatše.EN 384.1

    Ha letsatsi le ntse le sekamela boiphirimela, khanya ea lona e kholo ea khantša mahakoe a masoeu a hloekileng a hahileng marako a tempele, ‘me ea benya holim’a litšiea tsa khauta. Ha ho shejoa ho tloha thabeng moo Jesu A neng A eme teng ho ne ho shebahala eka ke sebōpeho se seholohali sa lehloa, se emisitsoeng ka litšiea tsa khauta, se benyang ka khanya e alimiloeng leholimong.EN 384.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents