Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Tlhokomelo E Kholo E Bontšoa Ho Liphoofolo

    Lihloela tsa Bafarisi ha lia ka tsa leka ho araba Kreste. Ba ile ba tseba hore o bua ‘nete. Ho e-na le hore ba ka roba moetlo, ba ka mpa ba tlohela motho hore a utloe bohlōkō ba mpa ba thusa phoofolo hobane mong’a eona a ka lahleheloa ke eona ha e sa tsotelloe. Tlhokomelo e kholo e ne e etsetsoa liphoofolo tse litholo ho feta batho. Hona ho bontša tsela ea tšebetso ea bolumeli bohle ba bohata. Bolumeli bona motheo oa bona o tsoa litakatsong tsa motho tsa ho iphahamisa ho feta Molimo, empa ho etsahalang ke hore motho o theohela tlase ho feta phoofolo. Bolumeli bo bong le bong ba bohata bo ruta balateli ba bona ho se tsotelle litlhoko tsa motho, matšoenyeho, le litōkelo. Evangeli e beha motho e le ntho ea bohlokoa ka ha a rekiloe ka mali a Kreste, ‘me e ruta ho sheba ka qenehelo litlhoko le bomalimabe ba motho. Sheba Esaea 13:12.EN 193.3

    Bafarisi ba ne ba tsoma bophelo ba Jesu ka lipelo tsa tletseng lehloeo, ha Eena A ntse A pholosa maphelo ‘me A tlisa thabo ho matšoele a batho. Ana ho ne ho hlokahala ho bolaea ka Sabatha joalokaha ba ne ba rerile ho etsa, ho e-na le ho phekola ba kulang joalokaha A ne A etsa?EN 193.4

    Ka ho folisa letsoho le holofetseng, O ne A nyatsa moetlo oa Bajuda, ‘me A siea molao oa bone O ntse O le joalokaha Molimo A ne A fana ka oona. “Ho a lumelleha ho etsa ho molemo ka Sabatha,” Jesu A rialo. Ka ho leleka lithibelo tse se nang thuso, Jesu Eena O ile A hlonepha Sabatha, athe ba belaelang ka Eena ba ne ba hlompholotse letsatsi la Molimo le halalelang.EN 194.1

    Ba ntseng ba re Kreste O felisitse molao ba ruta hore Jesu O robile Sabatha ‘me O emetse barutuoa ba Hae ha ba ne ba robile molao. Kahoo ba etsa ntho e tšoanang le e entsoeng ke Bajuda ba se nang mabaka. Ka mantsoe a mang ba hanyetsa Kreste ea itseng “ke bolokile litaelo tsa Ntate, ‘me ke lula leratong la hae.” Johanne 15:10. Mopholosi le balateli ba hae ha b’a roba Sabatha. Ha A sheba sechaba sa lipaki se neng se batla lebaka la ho Mo tsoa, O ne A ka bua A sa qholotsoe A re, “Ke mang ho lōna ea ka mpeang molato oa sebe?” Johanne 8:46.EN 194.2

    “Sabatha se etselitsoe motho, eseng motho bakeng sa Sabatha.” Melao e leshome, eo Sabatha eleng karolo, ea eona Molimo O e file batho ba Hae e le hlohonolofatso. Sheba Lipolelo 6:24. Ho bohle ba bolokang “Sabatha ba se boloka ba sa se silafatse,” Morena O re “bona ke tla ba tlisa thabeng eaka e halalelang, ke ba thabise ka tlung ea ka ea thapelo.” Esaea 56:6,7.EN 194.3

    “Mor’a Motho ke morena le oa Sabatha.” Hobane “Lintho tsohle li bile teng ka lona, ‘me ha ho letho le bileng teng haese ka lona.” Johanne 1:3. Erekaha Kreste A entse lintho tsohle, O entse le Sabatha. Ke Eena ea e beetseng kathoko ho ba khopotso ea tlholeho. Sabatha e supa ho Eena e le ‘Mopi le Mohalaletsi. Sabatha e bolela Jesu ea hlolileng lintho tsohle e le Hlooho ea kereke, ‘me ka matla a Hae re boelana le Molimo. O re, “ka ba nea le Lisabatha tsa ka hore e be sesupo pakeng tsa ka le bona, ba tle ba tsebe hore ke ‘na Morena ea ba halaletsang.” Esekiele 20:12. Sabatha ke pontšo ea matla a Kreste ho re halaletsa. E fanoe ho bohle bao Kreste A ba halaletsang, e le pontšo ea matla a khalaletso.EN 194.4

    Ho bohle ba e amohelang e le pontšo ea tlholeho le matla a pholosang a Kreste Sabatha e tla ba thabo. Sheba Esaea 58:13,14. Ha ba bona Kreste ka har’a Sabatha ba thaba ho ba le Eena. Ha e ntse e re hopotsa ka thabo ea Edene e lahlehileng, e boetse e re bolella ka khotso e khutlisitsoeng ke Mopholosi. ‘Me ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe ea tlholeho e boela e pheta memo ea hae e reng, “Tloong ho ‘na, lona bohle ba khathetseng, ba imetsoeng, ‘me ke tla le khatholla.” Matheu 11:28.EN 194.5

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents