Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 65—TEMPELE E HLOEKISOA HAPE

    [Khaolo ena e itšetlehile ka Matheu 21:12-16, 23-46; Mareka 11:15-19, 27-33; 12:1-12; Luka 19:45-48; 20:1-19.]

    Qalehong ea tsebetso ea Hae, Kreste O ne A ile A leleka batho ba neng ba etsa mesebetsi e sa halaleleng ka tempeleng. Chebahalo ea Hae e seriti, e senang bosaoana, e apereng bo-Molimo ea na ea tšosa batho bao ba neng ba bapatsa.EN 394.1

    Qetellong ea tšebetso ea Hae, O ile A tla hape tempeleng ‘me A fumana e ntse e silafatsoa joaloka pele, ka lerata la liphoofolo, chelete, esita le khang e makatsang. Le bahlomphehi ba tempele ka bo bona, ba ne ba bapatsa ebile ba reka. Ba ne ba hapehile ke meharo ea leruo, hoo mahlong a Molimo ba neng ba sa fapana le masholu ka letho.EN 394.2

    Ka Paseka e ‘ngoe le e ‘ngoe le Moketeng oa metlotloane, ho ne ho hlajoa likete-kete tsa liphoofolo, baprista ba ne ba khakeletsa mali a tsona, ‘me ba a tšela holim’a aletare. Bajuda ba ne ba se ba sa elelloe hore ke sebe se bakileng tšollo ena ea mali. Ba ne ba sa lemohe hore e bontša mali a Mora oa Molimo ea ratoang, a tla tšolloa hore lefatše le tle le fumane bophelo.EN 394.3

    Jesu A bona kamoo Bajuda ba fetotseng liphutheho tse kholo tsena sebaka seo ho sona ho bonoang tšollo ea mali le bokhopo. Ba ne ba atisitse palo ea liphoofolo tse hlajoang joalokaha eka Molimo O thabisoa ke tšebetso eo e hlokang kutloelobohlōkō. Baprista le babusi ba ne ba fetotse lipontšo tsena tse tšoantšitseng Konyana ea Molimo, mekhoa ea ho ithuisa. Ka mokhoa o joalo, khalaleho ea tšebeletso ea mahlabelo, e ne e senyehile haholo. Jesu A tseba hore mali a Hae, ao haufi a neng a tla tšolloa bakeng sa libe tsa lefatše, baprista le babusi ba ne ba tla a thabela hanyenyane joalekaha ba entse a liphoofolo!EN 394.4

    Jesu Kreste O ne A ile A bua ka baporofeta A hanyetsana le liketso tsena. Esaea o ne a ile a bona ho kheloha ha Bajuda ka pono, ‘me a bua le bona, a re, “Molemo oa mahlabelo a lona ho ‘na ke ofe, mahlabelo a lona a mangata-ngata? Ke tennoe ke nyehelo tsa lōna tsa secheso, ke tennoe ke mafura a lipheleu le a liphoofolo tse nontšitsoeng; ha ke thabele mali a lipohoana, le a likonyana le a liphooko.” “Itlhatsoeng, le itloekise, tlosang ketso tsa lona tse khopo mahlong a ka.” Esaea 1:11,16.EN 395.1

    Eena eo ka sebele A faneng ka boporofeta bona joale O pheta tlhokomeliso lekhetlo la ho qetela. E le ho phethahatsa boporofeta, batho ba phatlalatsa hore Jesu ke Morena oa Iseraele. O ne A ile A amohela hlompho ea bona, ‘me A amohela litulo tsa borena. O ne A tlameha hore A sebetse ka sebōpeho seo. A tseba hore boikhathatso ba Hae ba ho nchafatsa baprista ba senyehileng, bo ke ke ba thusa letho, le ha ho le joalo, O ne A tšoanela ho fana ka bopaki ba thomo ea Hae e halalelang, ho batho ba sa lumelang.EN 395.2

    Jesu A boela A thalatsa lebala la tempele le silafalitsoeng ka mahlo a nchocho. Bohle ba ne ba Mo talimile. Bo-Molimo ba phatsima ka har’a botho, ‘me ba tlatsa Kreste ka hlompho le khanya tseo A neng A e-s’o li bonahatse haesale. Ba neng ba le haufi le Eena, ba tlameha ho chechella morao ka hohle kamoo ba neng ba ka khona. Mopholosi A sala A eme A le mong, le barutuoa ba Hae ba seng bakae. Khutso e kholo e ke keng ea mamelloa ea eba teng. Eaba Kreste O bua ka lentsoe le matla hoo le ileng la tsitsinya batho joaloka sefefo se matla, A re, “Ho ngotsoe, ho thoe: ‘Ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo’, empa lona, le e entse lehaha la linokoane.” Lentsoe la Hae la luma joaloka terompeta ka har’a tempele. A re, “Tlosang lintho tsena mona.” Johanne 2:16.EN 395.3

    Lilemong tse tharo tse fetileng, babusi ba tempele ba ne ba ile ba soabisoa ke ha Jesu A ba phahla tempeleng. Ba ne ba sa lumele hore tlontlollo e joalo e ka etsahala hape. Empa joale lekhetlong lena, ba ne ba tšohile le ho feta pele, ‘me ba potlaka ho mamela taelo ea Hae. Baprista le babapatsi ba baleha, ba khanna likhomo tsa bona.EN 395.4

    Ha ba le tseleng ba tloha tempeleng, ba teana le sehlopha sa batho ba neng ba tsamaea le bakuli ba bona, ba batla Ngaka e kholo. Tlaleho e fanoeng ke bao ba neng ba baleha, ea nyahamisa ba bang ba sehlopha seo, ‘me ba khutlela morao, empa ba bangata ba bona ba fohla mokhopi ba laba-labela ho ea fihla ho Jesu. Joale lebala la tempele la boela la tlala bakuli le ba makhatheng a lefu ‘me Jesu A boela A ba sebeletsa.EN 396.1

    Kamora’ nako e itseng baprista le babusi ba khutlela tempeleng. Ba ne ba lebeletse hore Jesu O tla nka borena ba Davida. Ha ba kena tempeleng, ba ema tlekelele ke ho makala! Ba bona bakuli ba fola, lifofu li bona, lithōlō li utloa, ‘me liritsa li tlola-tlola ka thabo. Bana ba ne ba thabile le ho feta. Jesu O ne A phekotse maloetse a bona, O ne A ile A ba sika ka liatla tsa Hae. Bana ba hōoa litlatse ka mantsoe a tletseng thabo ba Mo rorisa. Ba pheta lihosanna tsa maobane ‘me ba fōka makala a lipalema pel’a Mopholosi, ka nyakallo ea tlholo.EN 396.2

    Litlatse tsa batho ba thabileng ba lōkōlōhileng, li ile tsa hlaha e le khopiso ho babusi ba tempele. Ba bolella sechaba hore ntlo ea Molimo e silafalitsoe ke maoto a bana le mehoo ea bona ea thabo. Babusi ba ipiletsa ho Kreste, ba re, “Na u nts’u utloa seo bao ba se bolelang? Jesu A re ho bona: E, kea utloa. Na ha le e-s’o bale moo ho thoeng: U itokiselitse thoko ka melomo ea bana le ea masea?” Boporofeta bo ne bo boletse hore Kreste O tšoanetse ho phatlalatsoa e le Morena, ‘me Molimo A sebelisa bana hore e be lipaki tsa Hae. Hoja bana ba khutsa, litšiea tsa meaho ea tempele li ka be li ile tsa hōoa lithōko tsa Mopholosi.EN 396.3

    Bafarisi ba ne ba utloile bōhlōko haholo. Jesu O ne A qala ho bontša matla a makaalo a borena. O ne A entse mesebetsi e babatsehang, empa lekhetlong lena A etsa ka mokhoa o mahlonoko haholo, o hapang maikutlo. Baprista le babusi ba sitoa ho etsa letho letsatsing leo, le hoja ba ne ba halefile ebile ba ferekane. Ka letsatsi le hlahlamang, banna ba lekhotla la puso la Bajuda ba teana hape, ho shebisana hore na ebe ba ka etsa joang ka Jesu. Ba bile le bopaki ba hore ke Mesia ka lilemo tse tharo. Joale ba rera hore ba se hlole ba batla bopaki ba matla a Hae, ba mpe ba fumane lipolelo kapa litaba tseo ba ka Mo tsoang ka tsona.EN 396.4

    Ha ba le ka tempeleng, ba tsoela pele ho Mo botsa lipotso, ba re, “Ke ka matla afe u etsang tsee? Matla aa u a neiloe ke mang?” Jesu A ba araba ka ho ba botsa potso, e neng e utloahala eka e qala litaba lisele, ‘me karabo ea Hae A e bapisa le karabo ea bona potsong ea Hae, A re, “Kolobetso ea Johanne e ne e e-tsoa kae: Leholimong kapa bathong?”EN 397.1

    Baprista ba bona hore ba bothateng boo ho seng mano a ka ba tšoasollang ho bona. Ha ba ka re kolobetso ea Johanne e tsoa leholimong, Kreste O ne A tlare, “Ke ka baka la’ng le sa mo lumelang?” Johanne o ne a paka ka Kreste, ha a re, “Bonang Konyana ea Molimo e tlosang sebe sa lefatše!” Johanne 1:29. Haeba baprista ba lumela bopaki ba Johanne, ba ne ba ka latola hore Kreste ke Mesia joang?EN 397.2

    Le teng haeba ba bolela seo ehlileng eleng sona seo ba se lumelang eleng hore tšebetso ea Johanne e tsoa ho batho, ba ne ba tla ipakela khalefo ea sechaba kaha batho ba ne ba lumela hore Johanne ke moporofeta. Batho ba ne ba tseba hoba baprista ba kile ba ipolela e le ba amohetseng Johanne, ‘me ba ne ba lebeletse hore ba lumele Johanne e le ea rometsoeng ke Molimo. Empa baprista kamora’ hore ba ipuoe ka lekunutu, ba etsa qeto ea hore ba se ke ba itlama. Ba bua boikaketsi ba hore ha ba tsebe letho, ‘me ba araba, ba re, “Ha re tsebe.” Eaba Jesu O re ho bona, “Le ‘na ha ke le bolelle hore na ke ka matla afe ke etsang tsena.”EN 397.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents