Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Lentsoe La Molimo Lea Utloahala

    Eaba O fihleloa ke boinehelo bo halalelang hore A phethe thato ea Ntat’ae. ‘Me Jesu A re, “Empa ke ka lebaka lena ke fihletsoeng ke nako ena. Ntate, tlotlisa lebitso la hao.” Ke ka lefu la Kreste feela ‘muso oa Satane o neng o ka felisoa, e be motho oa lopolloa, ‘me Molimo A tlotlisoe. Jesu O ile A amohela ho etsoa sehlabelo, ‘me A lumela hore A utloisoe bohlōkō e le Mojari oa libe tsa lefatše. Lentsoe la arabela le le ka har’a leru le neng le ōkametse holim’a hlooho ea Hae, la re: “Ke le tlotlisitse, ‘me ke sa tla le tlotlisa hape.” Tekong e neng e e-tla, mahlomola a neng a tlela Kreste sebopehong sa Hae sa motho-molimo, ruri a ne a tla tlotlisa lebitso la Ntat’ae.EN 422.1

    Eitse ha lentsoe le utloahala, khanya ea aparela Kreste, eaka hoja O kōpiloe ke matsoho a Ea-matla-’ohle, a Mo potile joaleka lerako la mollo. Ha ho ea ileng a iteta sefuba ho bua. Bohle ba ema ba tsepamisitse mahlo ho Jesu. Eitse hobane bopaki ba Ntate bo phethahale, leru la apoha, ‘me la qhalakana sebakeng sa leholimo.EN 422.2

    Bagerike ba neng ba batla ho bona Jesu, ba ile ba bona leru ka mahlo a bona, ba utloa lentsoe, ba ba ba utloisisa molaetsa oa lona, ‘me ba tseba Kreste e le ka ‘nete, ha ba ha senoha ho bona hore ruri ke Ea rōmetsoeng ke Molimo. Lentsoe la Molimo le ne le utloahale nakong eo Jesu a neng a kolobetsoa, ‘me la boela la utloahala hape Ponahalong e khanyang ea Jesu thabeng. Kajeno e ne e le khetlo la boraro le utluoa ‘me lekhetlong lena la utluoa ke palo e kholo ea batho ho feta pele. Jesu O ne A sa tsoa etsa boipiletso ba Hae ba ho qetela, ‘me a bolela le ka timelo e tla oela Bajuda. Molimo A boela A tlotlisa Eo Iseraele a Mo lahlileng. Jesu A ntoo re, “Lentsoe lena ha lea bua ka baka la ka, empa ke ka baka la lona.” Hoo e ne e le pontšo e tsoang ho Ntate hore Jesu O buile ‘nete, ebile ke Mora oa Molimo.EN 422.3

    Jesu A tsoela pele A re, “Joale ke kahlōlo ea lefatše lena; joale ‘musi oa lefatše lena o tla lahleloa kantle, ‘me ‘na, ha ke se ke phahamisitsoe, ke tlohile lefatšeng, ke tla hulela batho bohle ho ‘Na. A rialo ho supa hore na o tla shoa lefu le joang.” Ha ke ikentse pheko bakeng sa libe tsa lōna, lefatše le tla bonesoa. Matla a Satane holim’a batho a tla khaoha. Setšoantšo sa Molimo se neng se sentsoe tšobotsi; se tla boela se hlahisoa hantle bathong, ‘me lelapa la balumeli le tla ja lefa la lehae la leholimo qetellong. Mopholosi joale A bona sefapano se benya ke khanya, sona sefapano sane se khopo, se tlontlollang, se potiloeng ke botšabeho.EN 422.4

    Topollo ea motho ha se oona feela mosebetsi o phethahalitsoeng ke sefapano. Lerato la Molimo le bonahalitsoe maholimong le lefatšeng. Sekhobo seo Satane a se entseng leholimong, se hlakotsoe ka ho sa feleng. ‘Me mangeloi le batho ba atameletsoa ho Molopolli. Joalokaha Jesu A boletse, mantsoeng ana, “‘Me ‘na ha ke se ke phahamisitsoe, ke tlohile lefatšeng, ke tla hulela batho bohle ho ‘na.”EN 423.1

    Batho ba bangata ba ne ba potapotile Kreste ha A ntse A bua mantsoe ana. “Le hoja a entse mehlolo e mengata hakaalo pel’a bona, ha baa ka ba lumela ho eena.” Ba ne ba filoe lipontšo tse ngata haholo, empa ba ile ba tutubatsa mahlo a bona, ‘me ba thatafatsa lipelo tsa bona. Eare le ha Ntate A se A buile ka BoEena, ‘me ba se ba sitoa ho kōpa pontšo e ‘ngoe, ba ‘na ba hana ho lumela.EN 423.2

    “Leha ho le joalo, esita le ba bangata ba baokameli ba ile ba lumela ho eena, empa ka baka la Bafarisi, ha baa ka ba bolela, esere ba tebeloa tlung ea thapelo.” Ha ba leka ho ipholosa tlontlollong le lihlonng, ba ile ba latola Kreste, ‘me ba lahla mpho ea bophelo ba sa feleng.EN 423.3

    Ho malimabe bao ba sa kang ba tseba nako eo ba tla eteloa ka eona! Kreste O ile A furallela mabala a tempele ruri, A tloha A khathetse matla, A bile A soabile.EN 423.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents