Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Tsela Eo Ka Eona Satane A Batlileng A Atleha

    Nako e baliloeng e ne e fihlile. Botho, boo ka lilemolemo bo neng bo theohetse tlase-tlase, bo ne bo hloka hore Mopholosi A tle. Satane o ne a entse hore khohlo e be e tebileng, e ke keng ea tšeloa lipakeng tsa lefatše le leholimo. A etsa hore batho ba betefale sebeng. E ne e le leano la hae hore Molimo O tle O felloe ke mamello, ebe O tlohella lefatše tsamaisong ea Satane.EN 23.2

    Teko ea Satane ea ho ba ‘mampoli e ne eka e tla hle e atlehe. Ke nete hore molokong o mong le o mong, esitana le ho bahedene, ho ‘nile ha eba le batho bao Kreste A neng A sebetsa ka bona ho nyolla ba bang sebeng. Empa batho bana ba ne ba hlouoe. Bongata bo ile ba shoa sehlōhō. Moriti o motšo oo Satane a okametseng lefatše ka ona oa ‘na oa eketseha ka botšo ba ona.EN 23.3

    Moo Satane a ileng a nka sekola sa tlhōlo ke ha a senya tumelo ea Baiseraele. Bahedene ba ne ba se ba sa tsebe Molimo, ‘me ba ntse ba silafala ho ea pele. Ha eba joalo le ho Iseraele. Taba e reng motho a ka ipholosa ka mesebetsi ea hae ke mothèo oa tumelo tsohle tsa bohedene, ‘me e ne e se e le karolo ea bolumeli ba Bajuda.EN 23.4

    Bajuda ba thetsa lefatše ka ho le nea evangeli esele. Ba ile ba hana ho inehela ho Molimo hore ba tle ba pholose lefatše; eaba joale ba fetoha ba sebetsang le Satane ho le timetsa. Batho bao Molimo O ileng oa ba bitsa hore e be litšiea le mothèo oa ‘nete, ba ne ba etsa mosebetsi o batloang ke Satane, ba hlahisa semelo sa Molimo hampe, ‘me ba etsa hore lefatše le shebe Molimo e le motlatlapi. Baprista ka tempeleng ba ile ba lahleheloa ke moelelo oa litšebeletso tseo ba neng ba li etsa. Ba ne ba etsa ketso ea papali. Litšebeletso tseo Molimo O li entseng tsa fetoha tsela ea ho fifatsa menahano le ho thatafatsa pelo. Mecha ena Molimo O ne O se O ke ke oa e sebelisa ho fihlela batho ka eona.EN 23.5

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents