Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Mohlolo Ka Sabatha

    Bafarisi ba makatsoa ke pholiso eo, empa ba tlala lehloeo ho feta pele, hobane mohlolo oo o entsoe ka letsatsi la Sabatha.EN 321.2

    Baahisani ba neng ba tseba mohlankana eo nakong ea bofofu ba hae, ba mo sheba ba na le khoao, hoba eitse ha mahlo a hae a buleha, le chebahalo ea hae e ile ea fetoha, ea khanya, ‘me a bonahala eka ke motho o sele. Ba bang ba re, “ke eena,” ba bang ba re, “Che, o mpa a tšoana le eena.” Eaba o rarolla taba eo ka ho re, “Ke ‘na.” Eaba o ba bolella ka Jesu, le mokhoa oo a folisitsoeng ka oona, ‘me ba botsa ba re, “‘O kae?’ A re, ‘Ha ke tsebe.’”EN 321.3

    Monna eo a botsoa, lekhotleng la Bafarisi, hore na o fumane pholiso ea hae joang. “A re ho bona: ‘O ile a tlotsa mahlo a ka ka seretse; ka ea iphotla, ‘me ka bona.’ Ba bang ba Bafarisi ba re: ‘Motho eo ha a tsoe ho Molimo, hobane ha a bōlōke Sabatha.’” Bafarisi ba ne ba bonahala ba chesehela poloko ea Sabatha, empa ba ne ba ntse ba rera tsa polao ka lona letsatsi leo. Empa ba bangata ba ne ba kholisehile hore, Ea tutubolotseng mahlo a sefofu seo, ha se motho feela. Ba re, “Motho oa moetsalibe a ka tseba joang ho etsa mehlolo e joalo?”EN 321.4

    Baruti ba boela ba ipiletsa ho monna oa sefofu ba re, ‘“Uena u re’ng ka eena, ha e le moo a u tutubolotse mahlo?’ Sa re: ‘Ke moporofeta.’” Bafarisi joale ba tiisa hore motho eo o ne a sa tsoaloa a foufetse. Ba bitsa batsoali ba hae, ‘me ba ba botsa ba re, ‘“Na eo ke mora oa Iona, eo le reng o tsoetsoe a foufetse?”EN 322.1

    Monna eo ke boeena, o ne a le teng a hlalosa hore o ne a tsoetsoe a foufetse, ‘me joale oa bona; empa Bafarisi ba ikhethela ho hanyetsa bopaki bona ka likelello tsa bona, ho e-na le hore ba lumele hore ba entse phoso. Ho nyatsa motho ke ntho e matla hakaakang, ‘me ho lōka ha Bofarisi ho sotha litaba hakaakang.EN 322.2

    Bafarisi joale ba salloa ke tšepo e le ‘ngoe feela, ‘me e ne e le ea ho tšosa batsoali ba monna eo. Ba ba botsa, ba re, “‘O bona joang joale?”‘ Ho ne ho phatlalalitsoe hore mang kapa mang, ea tla bolela hore Jesu ke Kreste, “‘o tla khaoloa phuthehong,”‘ ke hore o tla behelloa ka thōko ka matsatsi a mashome a mararo. Kahlōlo eo e ne e nkoa e le bomalimabe bo boholo. Mosebetsi o moholo o entsoeng ho mora oa bona o ne o kholisitse batsoali, empa ba araba ka hore, “‘Rea tseba hore enoa ke mora oa rōna, le hore o tsoetsoe a foufetse; empa ha re tsebe hore na o bona joang joale, le hore na ea mo tutubolotseng mahlo ke mang, ha re tsebe; ‘motseng, o se a le moholo, o tla ipuella.’” Ka tsela eo ba rolcla boikarabello bohle holim’a mora oa bona.EN 322.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents