Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Petrose O Boetse A Khothatsoa

    Hona le thuto e ‘ngoe eo Kreste A lokelang ho e fana. Ho latola Morena ha Petrose e bile ntho e lihlong, e hanyetsang boipolelo ba hae ba hore o tla tšepahala. O ne a tlontlolotse Kreste, ‘me barutuoa ba bang ba ne ba hopola hore ha a sa tla lumelloa ho boela litulong tsa hae tsa pele, har’a bona. Le eena o ne a ikutloa a itsenyellelitse. O ne a lokela ho fana ka bopaki bo pepenene ba hore o sokolohile pel’a bohle. Ha a ne a ke ke a etsa joalo, sebe sa hae se ne se tla senya tšusumetso ea hae joaloka moruti oa Kreste. Mopholosi A mo fa monyetla oa hore a boele a tšeptjoe ke bana babo, le hore a tlose sekhobo seo a se tliselitseng Lentsoe la Molimo.EN 540.5

    Hona ke thuto ho balateli bohle ba Kreste. Libe tse entsoeng ka lekunutu li lokela ho bolelloa Molimo lekunutung; empa tse entsoeng pepeneneng li lokela ho boleloa pepeneneng. Sebe se etsoang ke morutuoa, se etsa hore Satane a hlole ‘me meea e fokolang e khoptjoe. Morutuoa o lokela ho tlosa sekhobo sena ka ho fana ka bopaki ba hore o sokolohile.EN 541.1

    Ha Kreste A ntse A e-ja ‘moho le barutuoa ba Hae O ile A re ho Petrose: “Simone, mor’a Johanne, na u nthata ho feta baa na?” O ne A bua ka barutuoa ba bang. Petrose a raba a re “E, Morena, ua tseba hore kea u rata.” Jesu A mo rōma A re “Alosa likonyana tsa ka!” Petrose ha a ka a tiisa ka matla hore lerato la hae ho Kreste le feta la barutuoa ba bang.EN 541.2

    Jesu A boela A ‘motsa hape A re “Simone, mor’a Johanne, na ua nthata na?” Karabo ea bobeli e ne e tšoana le ea pele, ho se tiiso e entsoeng ka mantsoe a mangata “E, Morena, u tseba hore kea u rata.” Jesu A re ho eena: “Lisa linku tsa ka!”EN 541.3

    Mopholosi A boela A ‘motsa potso ena ea teko: “Simone, mor’a Johanne, na ua nthata na?” Petrose a utloa bohlōkō. O ne a tseba hore Morena oa hae O na le lebaka la ho se mo tšepe. ‘Me a araba ka pelo e bohlōkō a re: “Morena, u tseba tsohle, ua tseba hore kea u rata.” Jesu A boela A re: “Alosa linku tsa ka.”EN 541.4

    Petrose o ne a ile a latola Morena oa hae pepeneneng, ‘me Jesu O ‘motsa potso ena ka makhetlo a mararo. Potso ena ea hlaba joaloka terata e metsu pelong ea hae e maqeba. Jesu O ile A senola botebo ba pako ea Petrose ka pel’a barutuoa ba neng ba phuthehile moo ‘me A bontša boikokobetso bo phethehileng, ba morutuoa enoa ea neng a ikalatisa pele.EN 541.5

    Pele Petrose a khoptjoa, Jesu O ne A ile A re ho eena “empa ke u rapeletse hore u se ke ua felloa ke tumelo. Joale uena, ha u se u bakile, u matlafatse bana beno.” Luka 22:32 Phetoho e ho Petrose e ne e bonahala. Ka lebaka la boikokobetso ba hae le tšokoloho ea hae, Petrose o ne a loketse ho ba molisa oa mohlape ho feta pele.EN 541.6

    Mosebetsi oa pele o ileng oa tšepeloa Petrose ke Kreste e ile ea e-ba ho alosa “likonyana” -ho sebeletsa ba bacha tumelong, ho ruta ba sa tsebeng, ho ba phetlela Mangolo, ho ba ruta hore ba tsebe ho sebeletsa Kreste. Mathata ao a neng a fetile har’a ona, esita le pako ea hae li ne li mo lokiselitse mosebetsi ona.EN 542.1

    Pele a khoptjoa, Petrose o ne a tloaetse ho tšoaea ba bang liphoso, le ho bua sohle se ka kelellong ea hae. Empa Petrose ha a se a sokolohile, o ne a fetohile haholo. O ne a ntse a tletse mafolo-folo, empa mohau oa Kreste o ne o laola cheseho ea hae. Joale o ne a ka tseba ho alosa likonyana le linku tsa mohlape oa Kreste.EN 542.2

    Mokhoa oo Mopholosi A ileng A sebelletsa Petrose ka ‘ona o ile oa ruta barutuoa hore, ha ba sebetsana le ea tlotseng molao, ba be le mamello, qenehelo, le lerato le tsoarelang. Petrose o ne a lokela ho hopola bofokoli ba hae, ‘me a alose mohlape ka bonolo joalekaha Kreste A mo entse.EN 542.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents