Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Tokelo E Makatsang Ea Thapelo

    Mopholosi A hlalosa hore lekunutu la katleho ea bona, e tla ba ho kōpa matla le mohau ka lebitso la Hae. O beha thapelo ea motho ea ikokobelitseng ho Ntate e le takatso ea Hae, lebitsong la motho eo. Thapelo e mahlonoko e ka ‘na ea hloka bokheleke, empa e tla nyolohela sehalalelong moo Jesu A sebeletsang teng. Eena O tla e hlahisa ho Ntate e hloka botlaila, e nkha hamonate ke monko oa ho lōka ha Hae.EN 450.2

    Tsela ea ho tiea le botsepehi ha e hloke likhopiso, empa bothateng bo bong le bo bong, re lōkela ho bona monyetla oa thapelo. “Eng le eng eo le e kōpang ka lebitso la ka,ke tla e etsa, hore Ntate a tlotlisoe ka Mora. Ha le kōpa eng kapa eng ka lebitso laka, ke tla e etsa,” ho rialo Jesu.EN 450.3

    Balateli ba Kreste ba ema ka lebitso la Hae ka pele ho Molimo. Ka ho loka ha Kreste ba baloa e le ba bohlokoa. Morena ha A bone litšila tsa moetsalibe ho bona. Ho bona O bona setšoantšo sa Mora oa Hae, eo ba lumelang ho Eena.EN 450.4

    Morena oa soaba ha batho ba Hae ba ikhella tlase. Molimo O ne A ba batla ha ho se joalo A ka be A sa rōmela Mora oa Hae thomong e litšenyehelo li kaalo ho ba lopolla. O thaba haholo ha ba kōpa lintho tse phahameng ho Eena, hore ba tle ba Mo tlotlise. Ba ka lebella lintho tse kholo, ha ba tšepa litšepiso tsa Hae.EN 450.5

    ‘Me ho rapela ka lebitso la Kreste, ho bolela ho amohela semelo sa Hae, ho bonahatsa Moea oa Hae, le ho sebetsa mesebetsi ea Hae. Mopholosi ha A pholose batho ba ntse ba le ka har’a sebe, empa O ba ntša sebeng, ‘me ba Mo ratang ba bontša lerato la bona ka ho hlonepha.EN 450.6

    Hlonepho ea ‘nete kaofela e tsoa pelong. E ne e le mosebetsi oa pelo ka Kreste. ‘Me ha re lumela, O tla lōkisa lipelo tsa rōna le likelello tsa rōna ho lumellana le thato ea Hae, e tle re ha re Mo hlonepha, ebe e le hore re phethahatsa cheseho ea rōna. Thato e fihlela thabo e phahameng haholo, ha e phetha mosebetsi oa Hae. Bophelo ba rōna, e tla ba ba hlonepho e sa khaotseng. Sebe se tla nyonyeha ho rōna.EN 450.7

    Joalekaha Kreste A phetse molao oa botho, le rōna re ka phethisa, ha re ka tšoara letsoho le Ea-matla ho fumana matla. Re ke ke ra tšepa botho ho re eletsa. Morena O tla re ruta tšoanelo ea rōna ka bolokolohi bo tšoanang ho mang le mang. Ha re tla ho Eena ka tumelo, O tla bolela mehlolo ea Hae ho rōna ka sebele. Lipelo tsa rōna li tla chesa ka ho rōna, ha A atamela haufi ho bua le rōna, joalekaha A entse ho Enoke. Ba ikhethelang ho se etse letho le ka khopisang Molimo, ba tla tseba, ha ba se ba behile litaba tsa bona ho Eena, hore na ba lokela ho tsamaea joang. ‘Me ba tla fuoa matla a hlonepho le a tšebeletso, joalekaha Kreste A tšepisitse.EN 451.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents