Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Mantsoe A Kreste A Mo Furallisa Bongata

    Teko e bile kholo haholo. Cheseho ea ba neng ba batla ho nka Jesu ka matla ‘me ba Mo etsa morena ea tapa. Thuto ena e butse mahlo a bona. Ha ho meputso ea lefatše e neng e ka lebelloa ha ba ikopanya le Eena. Ba ne ba thabetse matla a Hae a ho etsa mehlolo empa ba sitoa ho teanela kutloelo-bohlōkō ea bophelo ba Hae ba ho iketsa sehlabelo. Ha A ne A ke ke A fihlela tōkōlōho ea bona ho Baroma, ba ne ba ke ke ba tsotella letho ka Eena.EN 263.3

    Jesu A ba bolella phatlalatsa A re, “Empa ba bang ba teng ho lōna ba sa lumeleng,” A phaella A re, “ka baka leo, ke le boleletse hore ha ho ea ka tlang ho ‘na ha a sa ho neoa ke Ntate.” Ha ba sa huleloe ho Eena, ebile hobane lipelo tsa bona li ne li sa ka tsa bulehela Moea o Halalelang.EN 263.4

    Ka ho nyatsa ho se lumele ha bona pontšeng barutuoa bana ba ‘na ba tsoela pele ho furalla Jesu. Ka ho labalabela ho hlaba Mopholosi ‘me ba thabise lonya la Bafarisi, ba Mo furalla ‘me ba Mo tlohela ka nyeliso. Ba ne ba entse boikhethelo ba; se ke ba hlola ba tsamaea le Jesu.EN 263.5

    Lipolelo tsa ‘nete tsa khetha ‘mōkō korong. Talima Matheu 3:12. Ka hobane ba ne ba ikentse ba lokileng hoo ba ke keng ba amohela khalemelo, ba bangata ba Mo fetohela. Meea e ea lekoa le kajeno joaleka barutuoa bale ba ntlong ea thapelo Kaperenauma. Ha ‘nete e tlisitsoe pelong, ba bona bohloki ba phetoho e tletseng, empa ha ba lumele ketso ea boinehelo. Ba tloha ba khopehile, ba luma-luma ba re, “Polelo ena e thata; ke mang ea ka e mamellang?”EN 264.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents