Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 35—HO KHUTSISOA SEFEFO

    [E itšetlehile ka Matheu 8:23-34; Mareka 4:35-41, 5:1-20; Luka 8:22-39.]

    Ho ne ho ile ha etsahala lintho tse ke keng tsa lebaloa letsatsing leo. Jesu O ne A ile A bua ka lipapiso, lekhetlo la pele, A hlalosa mokhoa oa Muso oa Hae, le ka mokhoa oo o tlang ho hahuoa. O ne A ile A bapisa mosebetsi oa Hae le oa mojali; ho hola ha ‘Muso oa Hae a ho bapisa le ho hola ha tlhaku ea mosetareta le mosebetsi oa tomoso phofong. O ne A ile A bapisa karohano ea ho qetela ea ba lokileng le ba khopo ka koro le mofoka, hape ka letlooa la litlhapi. O ne A ile A tšoantša linnete tseo A li rutang tsa bohlokoa ka setšoantšo sa letlotlo le patiloeng, le sa perela e theko e boima.EN 226.1

    Ha nako ea mantsiboea e atamela, matšoele a ne a ntse a Mo bokanetse. O ne A ile A ba sebeletsa ka letsatsi le letsatsi, A sitoa feela le ke ho re khefu a e-ja. Mantsiboea a ile a Mo fumana A khathetse hoo A ileng A ba A batla sebaka se khutsitseng ka mose ho letša, ho phomola teng. O ile A bitsa barutuoa ba Hae hore ba Mo felehetse ho ea moo.EN 226.2

    Kamora’ hore A qhale matšoele, ba ile ba Mo kenya ka seketsoaneng, ‘me ba potlakela moo ba eang. Empa batho ba kena liketsoaneng tse neng li le haufi le seo, ‘me ba latela seo sa Hae, hobane ba ne ba ntse ba lapetse ho Mo mamela.EN 226.3

    Ka lebaka la mokhathala le tlala, Mopholosi O ile A sekama ka seketsoaneng ‘me A ea le sephume sa boroko. Mantsiboea a letsatsi leo e ne e ile ea ba a khutsitseng ha monate, empa ka pele-pele leholimo le ile la fifala, ‘me sefefo se matla sa tsoha leoatleng.EN 226.4

    Lifefo tse bohale tsa tsosa maqhubu a halefileng, ‘me a otla seketsoana ka matla, ha ba ha bonahala eka a tla se koahela. Lehoja batšoasi bana ba litlhapi ba matla, ba ne ba ‘nile ba sesisa liketsoana tsa bona har’a lifefo tse ngata, ka motsotso ona matla le tsebo ea bona li ne li sena thuso. Ba bona seketsoana sa bona se tlala metsi, ho se seo ba ka se etsang.EN 226.5

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents