Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    A Ba Tlotsetsa Mosebetsi O Halalelang

    Jesu A bokella sehlotšoana seo haufi le Eena, ‘me A khumama har’a bona. A ba bea matsoho a Hae lihlohong tsa bona, A rapela, A ba khethela mosebetsi oa Hae o Halalelang.EN 200.4

    Ha A khetha ba tlang ho Mo emela bathong, Kreste ha A ka A khetha mangeloi a sa kang a oela sebeng, empa O khethile batho ba ikutloang joaloka bohle bao ba tlang ho ba pholosa. Kreste O nkile sebōpheho sa botho. Ho ne ho hlokahala bo-Molimo le botho li kopane ho tlisa pholoho lefatlšeng. Ha e-ba joaloka basebeletsi le baromuoa ba Kreste. Botho bo itsoarella ho matla a boMolimo. Kreste O haha ka tumelo pelong; ‘me ka tšebetso-’moho le bo-Molimo matla a motho a atleha ho etsa hantle.EN 200.5

    Ea neng A bitse batšoasi ba lihlapi ba Galelea, O sa ntsane a bitsetsa batho mosebetsing oa Hae. Ho sa thoe letho ka ho se phethehe ha rōna le bolibe ba rōna Molimo O re fa hore re ithute mosebetsi ho Kreste. Ha re ikopanya le Eena, re ka sebetsa mesebetsi ea Molimo.EN 201.1

    ‘‘Empa rōna re ka lipitsa tsa letsopa tse tšetseng letlotlo lena, hore matla ao a fetisisang e be a Molimo, e seng a rona.” 2 Bakorinthe 4:7. Ho ea bonahala hore matla a sebetsang ho batho ba fokolang ke matla a Molimo. Ho tjee re lumela hore matla a ka thusang ba bang ba fokolang joaloka rona, le rona a ka re thusa.EN 201.2

    Ha ka bobona “ba imetsoe ke mefokolo” ba tla tseba “ho qenehela ba sa tsebeng le ba khelohileng.” Baheberu 5:2. Ho na le batho ba qea-qeang ke khoao, ba fokolang tumelong, ‘me ba hlolehang ho fumana tse sa bonoeng; empa motsoalle eo ba ka ‘monang a e-tla ka lebitso la Kreste, o fetoha sehokelo se tlamellang tumelo ea bona e tšeremang ho Kreste.EN 201.3

    Motho o tšoanetse ho ba mocha oo Kreste A ka tsebang ho buisana le motho e mong ka ona. Ha re inehela ho Kreste mangeloi a thaba hore a tle a tsebe ho bua ka rona ho senola lerato la Molimo.EN 201.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents