Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ea Liehang Ho Lumela

    Filipi e ne e le oa pele eo Jesu A buileng le eena ka memo e utloahalang, e reng, “Ntatele.” O ne a ile a utloa Johanne Mokolobetsi ha a phatlalatsa Kreste e le Konyana ea Molimo. O ne a tiile ho batla ‘nete, empa pelo ea hae e ne e lieha ho amohela ‘nete, joalokaha tsela eo tsebisitseng Jesu Nathanaele ka eona e supa. Leha Kreste A ile A phatlalatsoa ke lentsoe le tsoang leholimong hore ke Mora oa Molimo, ho Filipi E ne E le “Jesu oa Nazaretha, mor’a Josefa.” Johanne 1:45. Hape le mohla likete tse hlano li feptjoang Filipi o ‘nile a hloka tšepo. E ne e le ho mo nonya ha Jesu A botsa potso ena, “Re ka reka bohobe kae, hore batho baa ba je?” Karabo ea Filipi e bontšang ho hloka tumelo, ea soabisa Jesu. “Bohobe ba lidenare tse makholo a mabeli, bo ke ke ba lekana hore e mong le e mong a fumane sengoathoana.” Johanne 6:5,7. Filipi o ne a bone mosebetsi ea Jesu, a utloile matla a Hae, empa a hloka tumelo.EN 197.4

    Ha Bagerike ba botsisisa ho Filipi ka litaba tsa Jesu, ha a ka a nka monyetla oo ho ba bolella ka Mopholosi, empa a ea bolella Andrease. Hape, lihoreng tsa ho qetela pele ho thakhiso ea Jesu, mantsoe a ileng a buuoa ke Filipi e ne e le a hlokisang tumelo. Ha Thomase a re, “Morena,...tsela re ka e tseba joang na?” Mopholosi A araba A re, “Ke ‘na tsela....Ha le ntseba le Ntate lea mo tseba.” Ho Filipi ha hlaha karabo e se nang tšepo, “Morena, re bontše Ntate, ebe ho re lekane.” Johanne 14:58.EN 198.1

    Ho fapana le ho se lumele ha Filipi, hoa thabisa ho bona Nathanaele ea neng e-na le bonolo ba ngoana ho ea ka tumelo ea hae, eo tumelo ea hae e ileng ea itsoarella holim’a linnete tse sa bonoeng. Empa Filipi eo e ne e le morutuoa sekolong sa Kreste, ‘me Tichere e Halalelang ea jara ka mamello ho se lumele le bothoto ba Filipi. Mohla Moea o Halalelang O ne O tšolohela ho barutuoa, Filipi a ruta ka tieo e ileng ea kholisa ba mametseng.EN 198.2

    Ha Jesu A ntse A lōkisetsa ho tlōtsa barutuoa e mong ea sa kang a khethoa a ikenya har’a bona. Judase Isekariota ea ipoletseng e le molateli oa Kreste, a hlahella ‘me a ipatlela sebaka har’a bona. Ka ho kena lenaneng la baapostola Judase o ne a tšepile hore o tla fumana setulo se phahameng ‘musong o mocha. Chalimeho ea hae e ne e hohela a na le kutloisiso le bokhoni ba ho okamela, ‘me barutuoa ba ‘muella ho Jesu e le ea ka thusang Jesu haholo mosebetsing oa Hae. Hoja Jesu A hana Judase, barutuoa ba ne ba tla ipotsa hore na mong’a bona O bohlale na. Le ha ho le joalo, nalane ea bophelo ba Judase e ne e tla bontša kotsi ea ho lumella bolefatše ha ho etsoa liqeto ka batho ba lōkelang ho etsa mosebetsi oa Molimo. hore na ba a tšoaneleha na.EN 198.3

    Le ha ho le joalo Judase o ile a utloa tšusumetso ea matla a halalelang, a khannelang batho ho Mopholosi. Jesu O ne A ke ke A hanela Judase ha feela ho na le takatsonyana e le ‘ngoe e isang nqeng ea leseli. Mopholosi A bala pelo ea Judase. O ne A tseba botebo ba bokhopo boo, ntle le hore e be ka mohau oa Molimo, Judase a neng a tla tetebela ho bona. Ka ho ikopanya le monna enoa Judase, Jesu A ‘meha moo, letsatsi ka letsatsi a ka amanang le bophelo ba Hae bo se nang boithati. Haeba Judase a ne a ka bulela Jesu pelo ea hae le eena Judase o ne a ka ba e mong oa bana ba Molimo.EN 199.1

    Molimo O nka batho ba le joalo kaha ba le joalo ebe O ba koetlisetsa mosebetsi oa Hae, haeba ba khalemeleha, ‘me ba ithuta ka Eena. Ka ho tseba le ho phela ka ‘nete, ka mohau oa Kreste, ba ka fetoleloa sebōpehong sa Hae.EN 199.2

    Judase o ne a ena le monyetla o tšoanang le oa barutuoa ba bang. Empa ho phela ka ‘nete ho ne ho hanana le litakatso le leano la hae, ‘me o ne a sitoa ho inehela hore a tle a fumane tsebo e tsoang leholimong.EN 199.3

    Ka bonolo Mopholosi A sebetsana le eo e neng e tla ba moeki oa Hae! Jesu A beha pel’a Judase botšabeho ba meharo. Hangata morutuoa enoa o ne a ee a hlokomele hore semelo sa hae se senotsoe, ‘me sebe sa hae se supiloe empa a se ke a ipolela kapa ho furalla ho se lōke ha hae. A ‘na a tsoela pele ho latela liketso tsa thetso. Thuto ka ‘ngoe e oelang litsebeng tsa Judase e ne sa eloe hlōkō.EN 199.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents