Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Khopolo Tse Fosahetseng Ka Mesia Le Hotla Ha Hae

    Ba bangata bao e neng e le baahi Jerusalema ba ikutloa ba huleloa ho Kreste ke matla a ke keng a haneloa. Kholiso ea ba pheella ea hore ke Mora oa Molimo. Empa Satane o ne a se a itōkiselitse ho hlahisa pelaelo. Ho ne ho lumeloa ka kakaretso hore Kreste O tla tsoalloa Betlelehema, le hore kamora’ nakoana O tla nyamela, ‘me ho hlaheng ha Hae labobeli ha ho ea tla tseba moo A tsoang. Ba bangata ba ne ba lumela hore Mesia ha A na ho ba le leloko la Hae la tlhaho bothong.EN 309.3

    Ha bongata bo ntse bo lika-lika joalo pakeng tsa pelaelo le tumelo, Jesu A sebelisa se mehopolong ea bona: “Lea ntseba, le tseba le moo ke tsoang teng; ha kea tla ka bonna, empa ea nthōmileng ke oa ‘nete, eo le sa mo tsebeng.” Mantsoe a Kreste e bile pheto ea polelo eo A neng A e entse pontseng ea Lekhotla la Sanhedrin, li khoeling tse ngata pele, ho moo, ha A ipolela hore ke Mora oa Molimo.EN 309.4

    Har’a sechaba bongata ba lumela ho Eena, ‘me ba re, “Ha Kreste a e-tla, na o tla etsa mehlolo e mengata ho feta e entsoeng ke eo?” Baetapele ba Bafarisi, ba ntse ba falimehetse kamoo ketsahalo li tsamaeang kateng, ba elelloa lipuo se Mo kutloelobohlōkō har’a letšoele. Ba potlakela ho baprista ba baholo, ba hlahisa merero ea bona ea ho Mo tšoara ha A le inotši, kaha ba ne ba tšaba ho Mo tšoara pontšeng ea batho.EN 310.1

    Bongata bo neng bo kholisehile hore Jesu ke Mora oa Molimo bo ne bo khelositsoe ke thetso tsa baprista le baruti ba molao. Baruti bana ba ne ba phetile, ka matla a maholo, boporofeta bo buang ka Mesia, ba re o tla “busa Sione le Jerusalema, baholo a ba senolela tlōtla ea hae,” A “buse ho tloha leoatleng le leng ho isa ho le leng, le ho tloha Nokeng ho isa pheletsong tsa lefatše.” Esaea 24:23; Pesalema 72:8. Eaba ba bapisa khanya e boleloang Mangolong, ba e bapisa le ponahalo e ikokobelitseng ea Jesu. Hoja batho ba ne ba ithutile Lentsoe ka bo-bona, ba ka be ba sa ka ba khelosoa. Esaea Khaolo ea 61 e paka hore Kreste O ne A lokela ho etsa ‘ona mosebetsi oo A o entseng. Khaolo ea 53 e hlahisa ho lahloa ha Hae ke chaba sa Habo; ‘me khaolo ea 59 e hlalosa semelo sa baprista le baruti ba molao.EN 310.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents