Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Mohlolo O Ne O Ke Ke Oa Latoloa

    Lipotso le linyatso tsa Bafarisi, le hona ho se lumele lintlha tsa taba ena, tsa tutubolla mahlo a ba bangata. Boipotso ka likelellong tse ngata, ea ba hore, Na Molimo O ne A ka sebelisa moikaketsi ho phetha mesebetsi e meholo hakaalo, joalekaha Bafarisi ba ne ba tiisa hore Jesu ke mothetsi?EN 322.4

    Bafarisi ba ne ba sitoa ho latola mohlolo oo. Motho ea neng a foufetse, eena o ne a tletse thabo le teboho, ‘me a pheta maiphihlelo a hae ka bolokolohi. Bafarisi ba boela ba leka ho mo khutsisa. Ba re ho eena, “‘Bua ‘nete ea Molimo; rea tseba hore motho eno ke moetsalibe.’” Hoo ke ho re, Se hlole u re Motho eo, ke eena ea u tutubolotseng, ke Molimo ea entseng sena.EN 322.5

    Monna ea neng a foufetse a araba a re, ‘“Ha ke tsebe hore ke moetsalibe, ke tseba ntho e le ‘ngoe, e leng hore ke ne ke foufetse, joale kea bona.’”EN 323.1

    Ha baikaketsi bana ba ntse ba leka ho mo khelosa, Molimo A mo thusa hore a bontše ka matla, le ka likarabo tse totobetseng, hore a ke ke a tšoasoa ka leraba. A ba araba, a re, “‘Ke se ke le boleletse, ‘me ha lea ka la mamela; le rata ho utloa hape ka baka la’ng? Na le lona le rata ho fetoha barutuoa ba hae?’ Ba mo hlapaola, ba re: ‘Ke uena morutuoa oa hae, rōna re barutuoa ba Moshe; rea tseba hore Molimo o ile a bua le Moshe, empa enoa ha re tsebe hore na o tsoa kae.’”EN 323.2

    Morena O ile A fa motho enoa mohau le matla a ho bua, hore a fetohe paki ea Kreste, ka mantsoe a nang le khalemelo e bohale ho ba neng ba mo hloma lipotso. Motho ke enoa, Ea neng A etsa mehlolo, ‘me ba ne ba itatola hore ha ba tsebe mohloli oa matla a hae. A boela a re, “‘Ke taba e makatsang ha le sa tsebe hore na o tsoa kae, empa a ntutubolotse mahlo. Rea tseba hore Molimo ha a utloe baetsalibe; empa ha motho a tšaba Molimo, a etsa thato ea hae, Molimo oa mo utloa. Ha ho e-s’o ka ho utloahala le ka mohla, hore motho o kile a tutubolla mahlo a ea tsoetsoeng e le sefofu. Ha motho enoa a ne a sa tsoe ho Molimo, o ne a ke ke a etsa letho.’”EN 323.3

    Mabaka a monna enoa a ne a ke ke a fetoloa. Bafarisi ba hlōlloa ke lipolelo tsa hae tse tiileng, tse totobetseng. Ha khutsa metsotso e se mekae. Eaba baprista le baruti ba phutha likobo tsa bona, ba hloentse ka mahlong, eka hoja ba tšaba ho itšilafatsa ka kamano ea bona le monna enoa. Ba re ho eena, “‘U tsoetsoe u le moetsalibe ka ho tlala, empa joale ua re ruta?’”EN 323.4

    Jesu A utloa tse etsahetseng, ‘me ha A mo fumana kamoraonyana ho tseo, A re, “‘Na u lumela ho Mor’a Motho?”EN 323.5

    E ne e le lekhetlo la pele monna oa sefofu a bona sefahleho sa Mopholosi ea hae. O ne a ile a bona batsoali ba hae ba khathatsehile ebile ba maketse; a bona le lifahleho tse hloentseng tsa baruti, ‘me joale mahlo a hae a bona sefahleho sa Jesu, se tletseng lerato le khotso. O ne a se a ikentse khathatsong e kholo, ka ho phatlalatsa hore Jesu ke morōmuoa oa leholimo; ‘me joale a fuoa tšenolo e phahameng. Monna oa sefofu ha a araba potso ea Jesu, A botsa a re, “‘Ekaba ke mang, Morena, ke tle ke lumele ho eena?’ Jesu A re ho eena, ‘U ‘mone, ebile ke eena ea buang le uena.” Monna eo a itihela maotong a Mopholosi, a Mo khumamela. Kreste O ne A senotsoe bophelong ba hae, ‘me a Mo amohela e le Morōmuoa oa Molimo.EN 323.6

    Sehlopha sa Bafarisi se ne se bokane haufi le moo, ‘me Jesu ha A ba bona, A hlokomela phapang e hlahisitsoeng ke mantsoe le mesebetsi ea Hae. Eaba O re, “‘Ke tletse kahlōlo lefatšeng lena, hore ba sa boneng ba bone, ‘me ba bonang ba foufale.’”EN 324.1

    Ka ho fihla ha Mopholosi, batho ba ne ba sitsitsoe ka phethahalo e tletseng ea boteng ba leholimo ho feta kamoo ba neng ba kile ba sitsoa pele. Empa ka eona tšenolelo eo, ba ne ba filoe le kahlōlo. Limelo tsa bona li ne li hlahlojoa, ‘me le bokamoso ba bona bo etsetsoa qeto.EN 324.2

    Ba bang ho ba Mo mametseng, ba utloa hore mantsoe a Kreste a tobile bona, ‘me ba botsa ba re, “‘Na le rōna re foufetse?”‘ Jesu A araba, A re, “‘Ha le ne le foufetse, le ka be le se na sebe.’” Haeba Molimo A ne A entse hore le se ke la bona ‘nete, ho se tsebe ha lōna, ho ka be ho hloka molato. “Empa joale le re, ‘Rea bona.’” Le lumela hore lea bona, empa le latola mokhoa oo e leng oona feela, o ka le nehang pono. Bafarisi ba hana ho tla ho Kreste ka hona ba sala ba foufetse. Jesu A re ho bona, “Ka hona sebe sa lona ha se hlakoloe.”EN 324.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents