Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Jesu O Ne A Lapatse Kutloelo Bohlōkō Ea Botho

    Pelo ea motho ha e le mahlomoleng, e laba-labela kutloelo bohlōkō. Takatso ena, Kreste A e utloa ka botebo bo boholo bothong ba Hae. A tla ho barutuoa ba Hae, A nyoretsoe ho utloa mantsoe a khothatso. A lakatsa ho tseba hore ba Mo rapella, le bona ba ithapella. Botebo ba sebe bo ne bo bonahala bo le lefifi hakaakang! A ba tekong a tšabehang ea hore, A tlohelle moloko oa botho o itjarele molato oa oona, ebe Eena O ema A hloka molato pel’a Molimo. Ha feela A ne A ka tseba hore barutuoa ba Hae ba thabela seo A tlil’o se etsetsa lefatše O ne A tla matlafala.EN 462.2

    Empa, A “fumana ba robetse.” Hoja O ba fumane ba ntse ba batla setšabelo ho Molimo, hore matla a Satane a se ke a ba hlōla, A ka be A tšelisehile. Empa ha ba ka ba ela hlōkō tlhokomeliso e reng, “Falimehang, ‘me le rapele.” Ba ne ba sa ikemisetsa ho lahla Morena oa bona, empa ba bonahala ba hatiloe ke boroko boo ba ka beng ba bo hlaphotse hoja ba tsoela-pele ho kōpa ho Molimo. Ha Mopholosi A ne A hloka lithapelo tsa bona haholoholo, ba ne ba robetse.EN 462.3

    Barutuoa ba tsoha ha ba utloa lentsoe la Jesu, empa ba sitoa ho Mo tseba, sefahleho sa Hae se ne se fetohile haholo ke mahlomola. A bua le Petrose A re, “Simone, u robetse? Na u sitiloe ho falimeha hora e le ‘ngoe? Falimehang, le rapele, hore le se kene molekong; moea o mafōlōfōlō, empa ‘mele oa fokola.” Jesu A tšoha hore ba tla sitoa ho mamella teko ea ho ekoa ha Hae le lefu.EN 462.4

    Mor’a Molimo A boela A tšoaroa ke bohlōkō bo kaholimo ho botho, ‘me A tetcbela, A khathetse, A hulana ho boela sebakeng sa pele sa tsieleho ea Hae. Matsoalo a Hae a ne a le maholo ho feta pele. “Mofufutso oa hae oa e-ba joaloka marotholi a mali a rothelang fatšse.” Lifate tsa Kiporese le palema e ne e le lipaki tse khutsi- tseng tsa bohlōkō ba Hae. Makaleng a tsona a nang le makhasi, ha rotha phoka e boima, e oela ‘meleng oa Hae o sohlokehileng, e ka hoja tlhaho e llela Mohloli ha A loantšana le matla a lefifi A ‘notši.EN 462.5

    Nakoana e se kae pele, Jesu O ne A eme joaleka sefate se matla, A hlōla sefefo sa khanyetso se neng se Mo halefela. Empa joale O ne A tšoana le lehlaka le otloang le ho kojoa ke sefefo se bohale. Joaleka Ea seng a apesitsoe khanya, O ne A ile A ipolela bonngoe le Molimo. Joale lentsoe la Hae la utloahala mantsiboea ho khutsitse, le tletse bohlōkō ba botho. “Ntate, haeba ho ka etsahala, senoelo sena a se ke se mphete, empa ho be kamoo ho ratang uena kateng, e seng ‘na.”EN 463.1

    Jesu A boela A hlorela mantsoe a barutuoa, a neng a tla roba matla a botšo bo neng bo le haufi haholo le ho Mo aparela. Empa mahlo a bona a ne a le boima, “ba ne ba sa tsebe hore na ba ka mo araba joang.” Ba bona sefahleho sa Hae se na le likhororo tsa mali tsa bohlōkō, empa bohlōkō ba kelello ea Hae ba sitoa ho bo utloisisa. “Tsobotsi ea hae e n’e senyehile ho feta ea bohle, sebōpeho sa hae se sa tšoane le sa batho.” Esaea 52:14.EN 463.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents