Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 84—KRESTE EA TSOHILENG O ITLHAHISA HO BŌNA

    [E itšetlehile ka Luka 24:33-48; Johanne 20:19-29.]

    Barutuoa bana ba babeli ha ba fihla Jerusalema, ba ile ba kena ka khoro e ka bophirima, ba tsamaea litseleng tse tšesane ba boneselitsoe ke khanya ea khoeli, ba fetela phaposing e kaholimo, moo Jesu A neng A ile A hlōla mantsiboea a ho qetela pele A e-shoa. Ba ne ba tseba hoba ba habo bona ba hona moo. Lemati le ne le koetsoe ka mokhoa o thata. Ba ile ba kokota, empa ha hlokeha karabo. Ho ne ho thotse ho itse tu! Ba ile ba ipolela hore na ke bo mang. Lemati la buloa butle, ‘me ba kena, ‘me le E mong Eo ba neng ba sa ‘Mone le Eena O ile A kena. Lemati la boela la koaloa ka thata ho thibela lihloela.EN 534.1

    Batsamai bana ba ile ba fumana ba ka tlung ba hloletsoe ke thabo. Ho ile ha utloahala mantsoe ka tlung a reng, “Morena o fela a tsohile, ‘me o iponahalitse ho Simone.” Joale barutuoa ba babeli ba tsoang Emmause, ba ntse ba hemusela, ba phetela ba bang kamoo Jesu A ileng A itlhahisa ho bona. Ba bang ba ne ba sa lumele, ba re ntho e molemo hakaalo e ke ke ea etsahala. Ka eona nako eo Motho e mong A ema har’a bona. Ho ne ho se motho ea ileng a kokota ‘me ba sa ka ba utloa liqi tsa maoto tse neng li ile tsa utloahala. Barutuoa ba tšoha. Empa ba utloa lentsoe la Mong’a bona, le hlakileng, le re “Khotso e be le lōna!”EN 534.2

    “Empa ba tšoha, ba tšaba, ba hopola hore ba bona sethotsela. A re ho bona: ‘Le ferekanetse’ng? Ke ka baka la’ng le hlaheloang ke lipelaelo lipelong tsa lōna Bonang matsoho a ka le maoto a ka, hore ke ‘na ka sebele. Ntoboketseng le utloe,hobane sethotsela ha se na nama le masapo, kamoo le mponang ke e-na le tsona kateng/ Hoba a rialo, a ba bontla matsoho le maoto a hae.”EN 534.3

    “Eare ha ba ntse ba sa lumele ke thabo, ba maketse, a re ho bona: ‘Na le na le ho ka jeoang moo?’ Ba mo nea leqa la tlhapi e besitsoeng. A le nka, a le ja ba mo shebile.” “Barutuoa ba thaba ha ba bona Morena.” Tumelo ea nka sebaka sa ho se lumele, ‘me ba amohela Mopholosi oa bona Ea tsohileng bafung.EN 535.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents