Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Kamoo Boiphahamiso Ba Simone Bo Ileng Ba Kokobetsoa

    Simone o ile a angoa ke mosa oa Jesu, haholo ha A sa ka A mo khalemela phatlalatsa ka pel’a baeti ba hae. Ha a ka a tšoaroa kamoo a neng a lakalitse hore Maria a tšoaroe ka teng. A bona hore Jesu O mo sebelelitse ka mohau le kutloelobohlōkō hore a nolofatse pelo ea hae. Khalemelo e thata e ne e tla etsa hore a thatafale ‘me a se bake, empa keletso e nang le mamello e ile ea ‘montša phoso ea hae. A elelloa boholo ba sekoloto seo a se kolotang Morena oa hae. A baka, ‘me Mofarisi ea ikhohomosang a fetoha morutuoa ea ikokobelitseng, ea inehetseng.EN 379.5

    Kreste O ne A tseba maemo a entseng Maria seo a leng sona. O ne A ka ‘na A tima tlhase ea tšepo moeeng oa Maria, empa ha ka A etsa joalo. O ne A mo qaollotse ho nyahameng le tšenyehong. Ka makhetlo a supileng, Maria o kile a utloa ha Morena A khalemela bademona ba neng ba laola pelo le kelello ea hae. O ne a ‘nile a utloa ha Jesu A kōpa ho Ntate, ka lentsoe le phefa molemong oa hae. O ne a tseba hore na sebe se nyatseha joang bophelong bo hloekileng ba Jesu ‘me, ka matla a Jesu, Maria o ne a hlotse.EN 380.1

    Ha mahlong a batho, Maria a ne a bonahala e le motho ea se nang thuso, Kreste Eena O ile A bona makhabane ho eena. Leano la topollo le entse matsete a ka hlahisang ntho tse khahlehang ho motho. ‘Me likhahliso tsena li ne li tla bonahala ka Maria. Ka mohau oa Jesu, Maria a ba le kabelo sebopehong sa leholimo. Eena ea neng a oele, eo kelello ea hae e neng e le letsaba la bademona, o ile a tlisoa haufi le Mopholosi ka botsoalle le tšebeletso. Maria a lula maotong a Jesu ‘me a ithuta ho Eena; Maria a tlotsa hlooho ea Hae ka oli ‘me a hlatsoa maoto a Hae ka meokho ea hae; Maria a ema pel’a sefapano ‘me a Mo latela ho ea lebitleng; Maria e ile ea e-ba oa pele ho fihla lebitleng la Jesu kamora’ tsoho ea Hae; Maria ea e-ba eena oa pele oa ho phatlalatsa tsoho ea Mopholosi.EN 380.2

    Jesu O tseba maemo a pelo e ‘ngoe le e ‘ngoe. U ka re, ke moetsalibe, ke libe li ngata haholo. Mohlomong ho joalo, empa hona ha eka u mobe haholo, ke hona ha u hloka Jesu haholo. A ke ke a leleka ea Mo llelang ka pelo e robehileng. O tšoarela ka bōlōkōlohi bohle ba tlang ho Eena ho kōpa tšoarelo le nchafatso.EN 380.3

    Kreste O ikopanya le meea e tlang ho Eena ho kōpa tšireletso, ka semelo sa Hae sa bomolimo le botho. Ha ho motho kapa lengeloi le litšila le ka ba qosang. Ba ema pel’a Mojara-libe e moholo, khanyeng e tsoang teroneng ea Molimo.EN 380.4

    “Ke mang ea tla qosa bakhethoa ba Molimo, athe Molimo oa ba lokofatsa? Ke mang ea ka ba ahlolang, athe Kreste Jesu o ile a shoa, a ba a tsoha bafung, eena ea leng ka letsohong le letona la Molimo, ea bileng a re rapellang?” Baroma 8:33,34.EN 380.5

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents