Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Hobaneng A Neng A Sa Tšoane Le Ba Bang

    Tsela eo Jesu A ileng A e nka e ne e le sephiri ho batsoali ba Hae. O ne A bonahala e le ea khethetsoeng ka thoko. Lihora tsa Hae tsa thabo li ne li fumaneha feela linthong tsa tlhaho, bonnotsing le Molimo. Meso e ne e Mo fumana A le tulong e khutsitseng, ‘me A tebisitse maikutlo, A bala Mangolo a halalelang, kapa A le lekunutung le Morena ka thapelo. Kamora’ lihora tse khutsitseng O ne A tloha, ho ea hae, ho ea etsa mesebetsi ea lelapa hape.EN 55.5

    Maria o ne a kholoa hore ngoana ea halalelang, ea tsoetseng ke eena, ke Mesia, empa a se ke a bontša hore o lumela joalo. Bophelong bohle ba Jesu, Maria o ile a nka karolo mahlomoleng a Hae. Ka masoabi, ea e-ba paki ea mahlomola, le liteko tseo A fetileng ho tsona ha e sa le ngoana le bocheng ba Hae. Ka ho ema le Eena linthong tseo a neng a tseba hore li nepahetse boitšoarong ba Jesu, le Maria o ile a kena maemong a liteko. Maria a sheba likamano tsa lehae le boikarabello ba ‘m’a ha a hlokometse bana ba hae e le ntho ea bohlokoa ho haheng semelo. Bara le barali ba Josefa ba ne ba tseba sena, ‘me ba leka ho khothalletsa Maria ho leka ho lokisa mekhoa ea Jesu hore e tšoane le ea bona.EN 56.1

    Hangata Maria o ne a le khahlanong le Jesu, ‘me a mo khothaletsa hore A ikamahanye le ho latela mekhoa ea borabbi. Empa A hana ho fetola mekhoa ea Hae eleng ho nahana mesebetsi ea Molimo le ho thusa ba kulang. Ha baprista le baruti ba kōpa Maria ho ba thusa ho laola Jesu, a tšoenyeha haholo; empa khotso e fihle pelong ea hae, ha Jesu A hlahisa Mangolo a Halalelang a tšehetsang tsela ea Hae ea tšebetso.EN 56.2

    Ka nako e ‘ngoe Maria o ne a tenyetseha lipakeng tsa Jesu le bana babo -bao ba neng ba sa lumele hore O rōnngoe ke Molimo; empa bopaki bo ne bo le bongata hore O ne A e-na le boleng ba Molimo. Bophelo ba Hae e ne e le tomoso, bo sebetsa har’a sechaba. A hloekile A tsamaea har’a batho ba sa tsotelloeng, ba khopo, ba sa hlompheng, har’a balekhetho ba senang tōka, le mahlasoa a sa tsotelleng, har’a ba senyang, Basamaria ba khopo, masole a bahedene, batho ba motse ba khopo, le matšoele a kopa-kopaneng. O ne A bua mantsoe a khothatso ho ba khathetseng, ba mpang ba tlamelloa ho jara meroalo e boima. A ba phetela lithuto tseo a ithutileng tsona tlhahong -tsa lerato le ho loka ha Molimo.EN 56.3

    A ruta bohle hore ba italime e le ba abetsoeng litalenta tsa bohlokoa. Ka mohlala oa Hae A ba ruta hore nako tsohle li lokela ho nkoa e le tsa bohlokoa ‘me li sebelisetsoe mererong e halalelang. O ne A sa fete motho feela, A mo nka e le ea se nang thuso, empa O ne A kenya khothatso le tšepo ho batho ba sa tsebisahaleng, A ba khothatsa hore ba ka fihlela semelo se tla bontša hore ke bana ba Molimo. Hangata O ne A kopana le ba neng ba se na matla a ho itšoasolla marabeng a Satane. Ho ba nyahameng, ba kulang, ba lekoang le ba oeleng, Jesu O ne A bua mantsoe a bonolo, a kutloelo-bohlōkō e fetisisang.EN 56.4

    Ba bang ho bao A neng A kopana le bona ba ne ba le ntoeng le sera sa meea ea batho. Ba joalo O ne A ba khothatsa hore ba tiisetse, hobane mangeloi a Molimo a lehlakoreng la bona, ‘me a ba fa tlhōlo. Bao A ileng A ba thusa ba ile ba kholiseha hore Enoa ke Eena eo ba ka Mo tšepang ka tšepo e phethahetseng.EN 57.1

    Jesu O ne A ena le thahasello mahlōkōng ka ho fapakana, ‘me ho e mong le e mong ea tšoenyehileng A tlisa pheko. Mantsoe a Hae a ne a ena le sehlare se folisang. Ho ne ho se motho ea ka reng O entse mohlolo. Empa matla a folisang a lerato a ne a tsoa ho Eena. Ho tloha bongoaneng ba Hae, ha A ka A ipeha pele ha A ne A sebeletsa batho.EN 57.2

    Empa bongoaneng, bocheng le bohlankaneng Jesu O ne A tsamaea A le mong. Bohloeking le botšepehing ho ne ho se le ea mong lehlakoreng la Hae. Sheba Esaea 63:3. O ne A tseba hore ntle le hore ho fetoloe mekhoa le tsela tsa batho, bohle ba tla lahleha. O ne A tletse merero e matla, e meholo ‘me A tsoela pele ka leano la bophelo ba Hae hore Eena E tle e be Leseli la batho.EN 57.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents