Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Moo Re Ka Qalang Teng

    Motho e mong le e mong o tšoanetse ho qala moo a leng hona teng. Ka hare ho malapa a rōna e ka ‘na eaba ho na le meea e lapetseng bohobe ba bophelo. Bahedene ba teng le hona menyakong ea rōna. Haeba mosebetsi ona o etsoa ka tumelo, o tla finyella libakeng tsohle tsa lefatše. Mosebetsi ea tlase ho feta bohle, ha a tsamaisoa ke Moea o Halalelang, o tla sisinya likhoele tse sa bonoeng, me molumo oa tsona o tla utloahala ho fihla le pheletsong ea lefatše, ‘me o tla etsa pina e monate ho isa ka ho eo molumo oa eona o tla utloahala mengoaheng e sa feleng.EN 548.4

    Limpho tsa Moea li tšepisitsoe molumeli e mong le e mong ho latela bohloki ba hae mosebetsing oa Morena. Tšepiso ena e ntse e tšepahala kajeno joaleka nakong ea baapostola.EN 549.1

    Kreste O tlile ho folisa ba kulang, ho bolella batšoaruoa ba Satane pholoho. O ile A fana ka bophelo ba Hae ho bakuli le ba neng ba e-na le bademona. O ne A tseba hore ba neng ba kōpa thuso ho Eena, ba ne ba ipaketse ho kula ka bo-bona, empa ha A ka A hana ho ba folisa. ‘Me batho ba bangata ba ne ba folisoa mafu a moea le a ‘mele. Evangeli e sa ntse e e-na le matla a joalo le kajeno. Kreste O utloisisa masoabi a mobabi e mong le e mong. Ha bophelo ba motho bo chesoa ke feberu, O a utloisisa. O ntse A ikemiselitse ho folisa, feela joaleka nakong eo A neng A le lefatseng. O lakatsa ho sebelisa matla a Hae ka basebeletsi ba Hae.EN 549.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents