Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Judase A Hloka Boitatolo

    Ka mamello e Halalelang ea Hae Jesu O jere liphoso tsa Judase, leha A ne A ‘montša hore O balile pelo ea hae joaloka buka e phetliloeng. Jesu A bea pel’a hae lintho tse ka mo susumeletsang ho etsa hantle; empa litakatso tsa bokhopo, boiphetetso ba lehloeo le litakatso tsa maikutlo tse fifetseng tsa qeneheloa ho fihlela Satane a laola pelo ea hae.EN 199.5

    Hoja Judase a ne a ile a rata ho jara joko ea Kreste, a ka be a ile a ba har’a ba phahameng ba baapostola. Empa a khetha tsela ea boikhōhōmōso, ea boikakaso, ‘me a hloloa ho kena mosebetsing oo Molimo A ka beng A ile A mo fa ona.EN 199.6

    Barutuoa bohle ba ne ba ena le liphoso tse tšabehang ha Jesu A ne A ba bitsa. Johanne le ngoana’bo ba ne ba bitsoa “bara ba lehalima.” Nthonyana e ka bontšoang ho tella Jesu e ne e etsa hore ba halefe hampe. Johanne e ne e le sefela-peloana, a nyatsa ba bang. Empa letsatsi ka letsatsi o ne a boha bonolo le boitsoaro ba Jesu, ‘me a utloa le lithuto tsa Hae tsa boikokobetso le mamello. A bulela pelo ea hae tšusumetso e Halalelang, ‘me a ithuta ho jara joko ea Kreste.EN 200.1

    Jesu A khalemela A ba A laea barutuoa ba Hae, empa Johanne le bana babo ha ba ka ba lahla Jesu. Ba ile ba tsoela pele ho fihlela qetellong, ho arolelana mahlōkō le liteko tsa Hae, le ho ithuta lithuto tsa bophelo ba Hae. Ka ho talima Kreste ba ile ba fetoha limelong tsa bona.EN 200.2

    Baapostola ba ne ba sa tsoane mekhoeng le litsekamelong tsa bona. Ho ne ho ena le molekhetho, LeviMatheu; Simone oa ralipolotiki, ea bohale, Petrose ea fanang, ea potlakang, — Judase ea pelo e mpe, ea mamenemene; Thomase ea pelo e nang le ‘nete, feela a le boi; Filipi ea belaelang; Bara ba Zebedea ba ipuelang feela le bana babo bona. Bana ba ile ba tlisoa ‘moho kaofela ba e-na le litšekamelo tsa bobe tseo ba li futsitseng ba ba ba li hlaolela. Empa ho Kreste ba ne ba tsoanetse ho ithuta hore ba be ntho e le ‘ngoe tumelong, thutong le moeeng. Ba ne ba tla fapana ka maikutlo, empa ha feela Kreste A lutse lipelong tsa bona ho ne ho tla hlokahala likhohlano pakeng tsa bona. Lithuto tsa Morena li ne li tla felisa likhohlano tsa bona ho fihlela barutuoa ba ba ntho e le ‘ngoe mohopolong le ho shebeng litaba. Kreste ke Eena setsi se seholo, ‘me ba ne ba tla atamelana ka ho ea ka hore na ba hokae le setsi eleng Kreste.EN 200.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents