Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Baprista Le Babusi Ba Ea Khutsisoa

    Bangoli, baprista le babusi, kaofela ba ema ba inamisitse lifahleho, ba maketse, ebile ba nyahame, ba se ba tšaba ho khathatsa Kreste ka lipotso tse ling. Batho ba ne ba eme haufi,ba qabohile ha ba bona banna bana ba ikhohomosang, ba itsebang ba lokile, ba hloloa ke litaba.EN 397.4

    Lipolelo le liketsahalo tsena tsa Kreste e ne e le tsa bohlokoa kaofela ‘me tšusumetso ea tsona e ne e tla utloahala ka matla a maholo kamora’ hore A thakhisoe, A be A nyolohele leholimong. Qetellong, ba bangata e ne e tla ba barutuoa ba Hae, e le hobane ba ne ba hapuoe ke mantsoe a Hae a letsatsi leo. Phapang pakeng tsa Jesu le Moprista e moholo e ne e bonahala, ha ba ntse ba buisana. Mohlomphehi ea ikhantšitseng oa tempele o ne a apere liaparo tse theko e boima. Hloohong o ne a roetse moqhaka o benyang, a bontša botlotlehi ba hae, ‘me moriri oa hae le litelu li le putsoa ke botsafali. Ka pele ho mohlomphehi enoa ho ne ho eme Motlotlehi oa Leholimo, A sena moqhaka kapa moikhabiso, liaparo tsa Hae li silafetse ke tsela, sefahleho sa Hae se pulufetse, ‘me se bontša masoabi a nang le mamello. Leha ho le joalo, ho sona ho ne ho ngoliloe hlompho le mosa. Ba bangata ba ileng ba e-ba lipaki tsa mantsoe a Jesu le liketso tsa Hae ha A ne A le tempeleng, ba ne ba Mo amohele ka lipelong tsa bona e le moporofeta oa Molimo, ho tloha ka nako eona eo. Empa eare ha maikutlo ana a tlala hohle, lehloeo la baprista ho Jesu lona la tota.EN 397.5

    E ne e se maikemisetso a Kreste ho tlontlolla bahanyetsi ba Hae. O ne A e-na le thuto ea bohlokoa eo A neng A batla ho ba ruta eona. Taba ea hore lira tsa Hae le ile tsa bolela hore ha li tsebe moo kolobetso ea Johanne e tsoang teng, e ile ea Mo fa monyetla oa ho buoa, A ba bolella sebōpeho sa bona sa ‘nete, ‘me A eketsa ka ho ba fa temoso e ‘ngoe holim’a tseo ba neng ba se ba li filoe.EN 398.1

    A re ho bona, “Le re’ng na? Monna e mong o ne a e-na le bara ba babeli. A ea ho oa pele, a re: Mor’a ka, tsamaea u e’o sebetsa tšimong ea morara, kajeno! A araba, a re: Kea hana! Empa hamorao a ikoahlaea, a ea. A ea ho oa bobeli, a bua joaloka ho oa pele. Eena a araba, a re: E, ntate, ke tla ea, empa a se ke a ea. Ke ofe ho bao ba babeli ea entseng thato ea ntat’ae?”EN 398.2

    Potso ena ea hlaha bamameli ba Hae lesumatha ba sa itlhophela eona. Ba araba ka potlako, ba re, “Ke oa pele.” Jesu A tsepamisa mahlo ho bona, ‘me A bua ka lentsoe le matla, A re, “Ruri, kea le bolella: Balekhetho le liotsoa ba tla kena ‘Musong oa Molimo pele ho Iona. Johanne o tlile ho lona ka tsela ea ho lōka, ‘me ha lea ka la mo lumela, empa balekhetho le liotsoa ba ile ba mo lumela. Feela leha le bone, ha lea ka la ikoahlaea hamorao, la mo lumela.”EN 398.3

    Ho ne ho se seo baprista le babusi ba ka se etsang ha e-se feela ho fa Jesu karabo e nepahetseng, ‘me kahoo A fumana maikutlo a bona a lumellana le mora oa pele, ea neng a emetse balekhetho. Ha Johanne a tlile, a ruta ka pako le kolobetso, balekhetho ba ile ba amohela molaetsa oa hae ‘me ba kolobetsoa.EN 398.4

    Mora oa bobeli o emetse banna ba eteletseng sechaba sa Bajuda pele ‘me bona ha ba ka ba amohela Johanne e le ea tsoang ho Molimo. Empa “ba ile ba fetola morero oa Molimo lefeela, ka ho se kolobetsoe ke eena.” Luka 7:30. Joaloka mora oa bobeli, baprista le babusi ba ipoletse ba ena le hlompho, empa ketso tsa bona li ne li hloka hlompho.EN 399.1

    Baprista le babusi ba khutsa. Empa Kreste A re, “Mamelang setšoantšo se seng hape: Ho ne ho e-na le mong’a tšimo ea ileng a lema tšimo ea morara, a e teela hare ka lerako, a cheka setlhōtlelo har’a eona, aba a haha le kalana ea molebeli. A e nea balemi ho e lema seahlōlo, eaba oa eta. Eare ha nako ea kotulo e atametse, a rōmela bahlanka ba hae ho balemi ho ea bokella seabo sa hae sa kotulo. Balemi ba tšoara bahlanka ba hae; ba khakhatha e mong, ba bolaea e mong, ‘me ba tlepetsa e mong ka majoe. A boela a rōmela bahlanka ba bang, ba bangata ho feta ba pele, ‘me le bona ba ‘na ba etsoa joalo. Qetellong a rōmela mor’a hae, a re: Ba tla hlompha mora oa ka. Empa ha balemi ba bona mora, ba buisana, ba re: Enoa ke mojalefa; a re ‘molaeeng, re tie re je lefa la hae! Ba mo tšoara, ba mo kharameletsa kantle ho tšimo, ‘me ba ‘molaea. Joale ekaba mohla mong’a tšimo a tlang, balemi bao o tla ba etsa joang?”EN 399.2

    Baprista le babusi ba araba, ba re, “Batho bao ba khopo o tla ba timetsa hampe, tšimo a e nee balemi ba bang ho e lema seahlōlo, ba tla mo nea seabo sa kotulo ka nako ea sona.” Libui tsa bona joale hore li ntse li phatlatsa tsuo ea tsona. Joalokaha balemi ba ne ba tšoanetse ho khutlisetsa ho mong’a tšimo karolo e itseng ea litholoana tseo ba li fumaneng tšimong ea merara, le batho ba Molimo ba ne ba lebeletsoe ho Mo hlompha ka maphelo a lumellanang le menyetla ea bona e khethehileng. Empa joalokaha balemi ba bolaile bahlanka bao morena a neng a ba rōmile ho ea batla litholoana, le Bajuda ba ile ba bolaea baporofeta bao Molimo O ba rōmileng ho ea ba bitsetsa pakong.EN 399.3

    Ho fihlela mona, tlhaloso ea setšoantšo seo e ne e hlakile ho sa belaetseng, ‘me le se latetseng se ne se hlakile joalo feela. Ka mora ea ratoang eo mong’a tšimo a ileng a mo rōmela qetellong, ho ea ho bahlanka ba sa tšepahaleng, ‘me eo ba ileng ba mo tšoara ba ‘molaea, baprista le babusi ba ile ba bona setšoantšo se hlakileng sa Jesu le qetello ea Hae e bohlōkō. Phetetsong e neiloeng balemi ba sa tšepahaleng, ho bontšoa timelo ea bao ba tlang ho bolaea Kreste.EN 400.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents