Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 36—KAMO EA TUMELO E TLISA PHOLISO

    [E itšetlehile ka Matheu 9:18-26; Mareka 5:21-43; Luka 8:4056.]

    Jesu ha A khutla Gergesene, A leba lebopong le ka bophirima la Leoatle la Galelea, ‘me A fihlela matšoele a batho a bokaneng moo ho mo khahlanyetsa. O ile A qeta nako moo, A ntse A ruta, A bile A folisa. Ha A tloha moo, A ea tlung ea LeviMatheu, ho kopana le balekhetho moketeng. E mong oa babusi ba sinagoge ea bitsoang Jairuse, a Mo fumana hona moo. O ile a bua a khathatsehile haholo are, ‘’Morali oa ka o lekhetheng la ho shoa; ak’u tle, u ‘mee matsoho, hore a tle a fole, ‘me a phele.”EN 233.1

    Jesu A tloha hang le musi enoa hoea lapeng la hae. Barutuoa ba ile ba makatsoa ke hore ebe O ile A ananela kōpo ea moruti enoa oa moikhohomosi, empa leha ho le joalo ba ile ba Mo felehetsa, ‘moho le batho ba bang. Jesu le bao A tsamaeang le bona, ba ne ba tsamaea butle hobane batho ba ne ba Mo bokanetse ka nqa tsohle. Jesu O ne A tlameha ho emisa, makhetlo a mangata, ho folisa ba kulang, le ho khothatsa ba mesarelong, ‘me ‘musi o ne a se a feletsoe ke mamello.EN 233.2

    Ha ba ntse ba tsamaea, lenqosa le ile la fihla ka molaetsa oa hore morali oa Jairuse o se a shoele. Jesu A utloa molaetsa ona, ‘me A re ho ‘musi oa sinagoge, “Se tšabe; lumela feela, ‘me o tla fola.”EN 233.3

    Ba ile ba potlakela lelapeng la ‘musi. Ha A fihla moo, A fumana ba rekiloeng hore ba lle, le ba teang liphala, ba tlatsitse lerata. Jesu O ile A leka ho ba khutsisa, A re, “Ke’ng ha le tlatsa lerata, le lla? Ngoana ha a ea shoa, o mpa a robetse!” Ba ile ba halefisoa ke mantsoe ana a motho eo ba neng ba sa mo tsebe, hobane ba ne ba ile ba bona ngoana enoa ha a e-shoa. Jesu A re ba tsoe, ‘me A kena ka moo mofu a leng ka teng, A e-na le ntate le ‘m’a ngoana, hammoho le Peterose, Jakobo le Johanne.EN 233.4

    Jesu A atamela moalong, A tšoara letsoho la ngoanana, eaba o bua ka bonolo A re “Ngoanana, ke re ho uena: Tsoha!”EN 234.1

    Kapele-pele setōpō sa sisinyeha, ‘me a tona mahlo joaloka motho ea tsohang borokong, ‘me ngoanana a talima ba neng ba bokane moo ka makalo. A tsoha, ‘me batsoali ba hae ba mo aka ka thabo.EN 234.2

    Jesu ha A ntse A tsamaea A e-ea ha musi, A kopana le mosali oa batho, eo ka lilemo tse leshome le metso e ‘meli a neng a tšoeroe ke lefu, le neng le mo sulafallelitse bophelo. O ne a qetile chelete ea hae ka lingaka le litlhare, empa a qetella a bolelletsoe hore lefu la hae ha le na pheko. Tsepo ea hae e ile ea tsoha, ha a utloela ka Kreste. Ha a ne a ka fihla ho Eena, o ne a tla fola. Leha a ne a fokola hakaalo, o ile a ea lebōpong la leoatle moo Jesu A neng A ntse A ruta. Me o ile a leka ho itshohlometsa har’a matsoele, ho ea fihla ho Eena, empa a hlōloa. O ile a Mo latela ho tloha ha Levi-Matheu, empa a ‘na a sitoa ho fihla ho Eena. Jesu O ile A feta pel’a moo mosali enoa a neng a le hona teng, moo mosali enoa a seng a khathala matla.EN 234.3

    O ne a le pel’a ngaka e kholo! Empa har’a moferefere oo, a sitoa ho bua le Eena, kapa hona ho Mo bona hantle. Ka ho tsoha hore O tloha A mo phonyoha hape, o ile a kenella har’a batho a ntse a itjoetsa a re, “Ha nka mpa ka ama seaparo sa hae, ke tla fola.” Eitse ha Jesu A feta, mosali a atleha ho ama qola ea seaparo sa Hae feela. O ile a ama seaparo sena, ka tumelo eohle eo anang le eona; ‘me hang mahlaba le bofokoli tsa mo lesela, ‘me bakeng sa tsona ha tlala mafolo-folo le bophelo bo phethehileng.EN 234.4

    O ile a leka ho tloha har’a mokhopi oo ka pelo e tletseng teboho, empa hang Jesu A ema. A qamaka ‘me A botsa ka lentsoe le utloahalang har’a moferefere oo, A re, “Ea nkamileng ke mang?” Ena e ile ea utloahala e le potso ea mohlolo, hobane O ne A angoa ka nqa tsohle.EN 234.5

    Petrose ka mokhoa oa hae, a potlaka a botsa a re, “‘Monghali, matsoele a penyane holim’a hao, ‘me aa u patisa.’ Empa Jesu a re: ‘Ho na le ea nkamileng, hobane ke utloile hore matla a tsoile ho ‘na.” Mopholosi O ne A tseba ho khetholla kamo e entsoeng ka tumelo, ho e sa tsotelleng. Tsepo e joalo e ne e ke ke ea tlohelloa, ea se ke ea thoolletsoa. O ile A khothatsa mosali enoa oa moikokobetsi, ka mantsoe a tla fetoha lehlohonolo ho balateli ba Hae ho isa qetellong.EN 234.6

    Jesu A talima ka lehlakoreng leo mosali a neng a le ka ho lona, ‘me A botsa ka phehello hore na O amiloe ke mang. Mosali a elelloa hore o sitoa ho ipata, ‘me a fetela kapele a thothomela. O ile a pheta tsa tšotleho ea hae, le ka moo a fumaneng pholiso ka likhapha tse tletseng teboho. Jesu A re ho eena: “Morali, tumelo ea hao e u folisitse; e-ea ka khotso!” Ha a ka a lumella hore a tle a nahane hore o folisitsoe ke ho ama qola ea seaparo sa Hae. Pholiso e ile ea tlisoa ke tumelo e ileng ea itšoarella ka matla a Molimo.EN 235.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents