Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ba Khatholoha

    Nako eo Kreste le barutuoa ba Hae ba e qetileng ba phomotse, e ne e se ea boithabiso. Ba ne ba buisana ka mosebetsi oa Molimo le ka hore na ba ka matlafatsa tšebetso ea bona joang. Kreste O ile A tšoaea liphoso, ‘me A ba bontša mokhoa o motle oa ho buisana le batho. Ba ile ba matlafatsoa ke matla a leholimo, ‘me ba tsosolosoa ka tšepo le sebete.EN 244.5

    Ha Jesu A re kotulo e kholo empa basebetsi ba fokola, O ne A sa khothaletse hore batho ba se ke ba phomola, empa O ile A re, “Rapelang mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” Matheu 9:38. Molimo O ne O ke ke Oa imetsa ba fokolang feela ka boikarabelo, ebe O tlohella ba bang ba sa etse letho.EN 245.1

    Kreste O ntse A bua mantsoe a khauhelo kajeno ho basebetsi ba Hae, o re, “Tloong, re eeng nahathothe moo ho leng ngoèsè, le phomole hanyenyane.” Ha se bohlokoa hore re be mosebetsing oa ho sebeletsa meea ea batho ka nako tsohle, hobane, meea le ‘mele ea rōna li ea khathala. Ho a hlokahala hore re sebetse ka boitelo, empa re tšoanetse hore re hlokomele, esere Satane a nka monyetla nakong eo re khathetseng, ‘me ebe mosebetsi oa Molimo oa senngoa.EN 245.2

    Hangata ha mosebetsi o ata, ‘me batho ba atleha mosebetsing oa Molimo, eba ha ba sa rapela haholo, ‘me ebe moo tumelo ea bona le eona e fokotsehang. Ebe re khoehlisa boitšoarello ba rōna ho Molimo, ‘me re nke mosebetsi e le ona Mopholosi oa rōna. Ke matla a Kreste a etsang mosebetsi. Re tšoanetse ho qeta nako re nahana ka taba tsa Molimo, re rapela, re ithuta lentsoe. Ke mosebetsi o entsoeng o tšehelitsoe ka thapelo, o beiloeng o lokile ke Kreste feela o tla qetella o tsoetse molemo.EN 245.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents