Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 4—O HLAHETSE SETALENG

    [E itšetlehile ka khaolo ea Luka 2:1-20.]

    Morena oa Khanya A ikokobeletsa tlase-tlase hore A tle A tsebe ho nka sebōpeho sa botho. Khanya ea Hae ea apesoa, a qhelela ho ipontšahatsa ha kantle thōko. Jesu A etsa hore batho ba se hohelloe ho Eena ke ntho efe kapa efe eo eleng ea bolefatše. E mpe e be bo tle ba ‘nete ba leholimo bo tla hohela ba tlang ho Mo latela. A lakatsa hore batho ba mo amohele e le ha ba fumane bopaki ba lentsoe la Molimo.EN 26.1

    Mangeloi a lebella ho bona kamoo batho ba Molimo ba tlang ho amohela Mor’a Hae ha A apere kōbo ea botho. Mangeloi a ile a tla lefatšeng leo khanya ea boporofeta e le khantšitseng. A tla a sa bonoe Jerusalema le ho baruti ba ntlo ea Molimo.EN 26.2

    E ne e se e ile eare ha Zakaria, moprista, a etsa tšebeletso ka pel’a aletare eaba ho tla ha Kreste, ho haufinyane, ho a boleloa. E, moetelli-pele o ne a se a tsoetsoe, ‘me litaba tsa ho hlaha ha hae le bohlokoa ba borōmuoa ba hae bo ne bo se bo phatlalalitsoe hohle. Empa Jerusalema e ne e sa itōkisetse ho amohela Mopholosi oa eona. Molimo O ne O ile oa bitsa sechaba sa Bajuda ho bolella lefatše hore Kreste O tšoanetse ho hlaha lelokong la Davida, empa ba ne ba sa tsebe hore ho tla ha Hae ho se ho le haufi.EN 26.3

    Ka tempeleng mahlabelo a neng a etsoa hoseng le mantsiboea a ne a supa ho konyana ea Molimo, empa le hona moo ho ne ho se litokiso tsa letho bakeng sa ho Mo amohela. Baprista le baruti ba ne ba pheta-pheta lithapelo tsa bona tse senang moelelo, ‘me ba etsa le litšebeletso tsa borapeli, empa ba ne ba sa itokisetsa ho hlaha ha Mesia. Hona ho se tsotelle hona ha ho se itokisetse Morena ha tlala naha ea Iseraele. Thabo e ileng ea tlala leholimong ha ea ka ea ama lipelo tsa batho ba tletseng boithati le bolefatše. E ne e le ba fokolang feela ba neng ba labalabela ho boha ea sa bonoeng.EN 26.4

    Mangeloi a ile a lebela Josefa le Maria ha ba ne ba eta ho tloha Nasaretha ho ea motseng oa Davida. Taelo ea Roma e reng batho bohle ba ngoloe,e mong le e mong motseng oa habo, e ile ea phatlalla ho ea fihla le maralleng a Galelea. Sesare Augusto a sebelisoa ke Molimo ho isa ‘Mè-Jesu Betlelehema. Maria e ne e le oa leloko la Davida, ‘me mor’a Davida a tšoanetse a hlahele motseng oa Davida -“Ha e le uena Betlelehema,” ho rialo moporofeta, “ho uena ho tla tsoa ‘musi oa Iseraele, eo lelōko la hae le qalehileng khale, la qaleha mehleng ea baholo-holo.” Mikea 5:2.EN 27.1

    Empa motseng ona oa leloko la borena, Josefa le Maria ha ba ka ba tsotelloa, le ho fuoa tlotla. Lehoja ba khathetse, ba se na lehae, ke bao ba kutla tsea e tšesanyane ho ea nq’a bochabela qetellong ea motse, ba ntse ba batla sebaka sa ho phomola bosiu, empa ba hlōloa ho se fumana! Ho ne ho se sebaka tlung e tletseng ea baeti. Ntlong ea serutha, moo ho neng ho koaletsoe liphoofolo, ke hona moo qetellong ba ileng ba fumana sebaka sa tšireletso, ‘me ke hona moo Molopolli A ileng A hlahela teng!EN 27.2

    Litaba tse molemo tsa tlatsa leholimo ka thabo. Libōpuoa tse halalelang, tse tsoang lefatšeng la khanya tsa theohela lefatšeng. Ka holim’a maralla a Betlelehema lekhotla la mangeloi le ne le emetse taelo e a laelang ho phatlalletsa lefatše litaba tse molemo. Baetapele ba Iseraele ba ka be ba ile ba nka seabo sa thabo ea ho phatlalatsa molaetsa oa thabo ea tsoalo ea Jesu. Empa ba ile ba fetoa feela. Mahlaseli a khanyang a tsoang teroneng ea Molimo a tla khanya ho ba batlang leseli, ‘me ba le amohele ka thabo. Sheba Esaea 43:3, le Pesalema 112:4.EN 27.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents