Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Monyetla Oa Ho Qetela Oa Pilato

    Esita le joale, Pilato o ne a sa tlohelloa hore a sebetse ka bofofu. Mosali oa hae o ile a eteloa ke lengeloi, ‘me a buisana le Mopholosi ka toro. Mosali oa Pilato e ne e se Mojuda, empa ha a shebile Jesu torong ea hae, a Mo tseba hore ke Khosana ea Molimo. A bona Pilato a nehelana ka Jesu hore A shapuoe, hoba a qete hore, “Ha ke fumane molato ho motho eo.” A bona [Pilato] a fana ka Kreste ho babolai. A bona sefapano se phahamisoa, lefatše le apareloa ke lefifi, ‘me a utloa mohōō oa mohlolo, o reng, “Ho phethehile.”EN 489.4

    A boela a bona pono e ‘ngoe. A bona Krese A lutse holim’a leru le leholo le lesoeu, ‘me babolai ba Hae ba balehela khanya ea Hae. A phaphama ka seboko se tšohileng, ‘me hang a ngolla Pilato mantsoe a tlhokomeliso.EN 490.1

    Morōmuoa a fohla har’a sechaba sa batho, ‘me a mo neha lengolo le tsoang ho mosali oa hae, le reng: “U se ke ua ba le taba le motho eo ea lokileng, hobane ke ile ka tšoenyeha habohlōkō kajeno ha ke lora.”EN 490.2

    Sefahleho sa Pilato se pulufala. O ne a ferekantsoe ke maikutlo a hae a loantšanang. Ha a ntse a lieha ho etsa qeto, baprista le baholo ba ne ba ntse ba hlōhlelletsa likelello tsa sechaba. A ba a hopola moetlo o neng o ka thusa hore Kreste A lōkōlloe. E ne le tloaelo hore moketeng oona, ho lōkōlloe motšoaruoa e mong, eo batho ba ka mo khethang. Ho ne ho se seriti sa tōka ho hang moetlong oona, empa o ne o nketsoe holimo ke Bajuda. Babusi ba Roma hona nakong eo, ba ne ba tšoere monna ea bitsoang Barabase, ea neng a ahlōletsoe lefu. Monna enoa one a ipolela a na le matla a ho fetola tsamaiso ea lintho. Sohle seo a neng a ka se fumana ka ho utsoa le bosholu e ne e le sa hae. O ne a fumane batho ba mo latelang, ‘me a susumelitse phetohelo ea ‘muso oa Roma. O ne a le ka tlas’a lekōkō la bolumeli, empa e le sesinyi se thata, se sekametseng mofere-fereng le bokhopong.EN 490.3

    Ka ho neha batho boikhethelo, pakeng tsa motho enoa le Mopholosi ea se nang molao, Pilato a hopola hore ba ka fihleloa ke kelello ea tōka.EN 490.4

    “Le rata ha ke le lokollela ofe, Barabase kapa Jesu ea bitsoang Kreste?” Karabo ea hlaha joaloka ho khonya ha liphoofolo tse hlaha, ea re, “U re lokollele Barabase.” Ka khopolo ea hore batho ha ba utloisisa potso ea hae, Pilato a botsa a re, “Na le rata ha ke le lokollela khosi ea Bajuda?” Empa ba boela ba hoeletsa ba re, “Bolaea enoa, u re lokolle Barabase.” “Joale ke etse joang ka Jesu ea bitsoang Kreste?” Medemona e nkileng sebōpeho se botho e ne e le teng kahar’a sehlopha seo, ‘me ho ne ho ka lebelloa eng, haese karabo e reng, “A thakhisoe!”EN 490.5

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents