Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 82—“MOSALI, U LLELANG NA?”

    [E itšellehile ka Matheu 28:1, 5-8; Mareka 16:1-8; Luka 24:1-12; Johanne 20:1-18]

    Hoseng ha letsatsi le qalang veke, basali ba neng ba ile ba ema pel’a sefapano, ba ile ba leba lebitleng ho ea tlotsa ‘mele oa Mopholosi. Ba ne ba sa nahana letho ka ho tsoha ha Hae bafung. Tsepo ea bona e ne e felile. Ba ne ba se ba sa hopole mantsoe a Hae a reng, “Ke tla boela ke le bona.” Johanne 16:22.EN 525.1

    Ba ile ba atamela pel’a tšimo, ba sa tsebe le letho ka se neng se ntse se etsahala ka eona nako eo, ‘me ba botsana ba re, “Ke mang ea tla re phikolosetsa lejoe le monyako oa lebitla?” Empa bonang, hang ka ho panya ha leihlo, maholimo a ne a ile a tlala khanya. Lefatše la thothomela. Lejoe le leholo la phikolosoa, ‘me lebitla le ne le se le se na letho!EN 525.2

    Maria oa Magadala ke eena ea ileng a fihla moo pele, ‘me eitse ha a bona lejoe le phikolositsoe, a potlaka ho tsebisa barutuoa. Ka nako eo basali ba bang le bona ba ile ba fihla. Lebitla le ne le koahetsoe ke khanya, empa setopō sa Jesu se ne se le sieo.EN 525.3

    Ha ba ntse ba qeneheletse ho ema moo ba lemoha hang hore ha ba sa le bang. Mohlana o ne a le teng, ea apereng liaparo tse khanyang, a lutse pel’a lebitla. E ne e le lengeloi le phikolositseng lejoe. Le ne le ikhakantse, le nkile sebōpeho sa botho, e le hore le se ke la tšosa metsoalle eo ea Jesu. Empa khanya e tsoang leholimong e ne e bonesitse sebaka seo le leng ho sona, ‘me basali ba tšoha. Lengeloi le ile la re ho bona “Lona le se ke la tšoha; kea tseba hore le batla Jesu ea thakhisitsoeng. Ha a eo mona, hobane o tsohile, joalokaha a ne a bolele. Tloong, le bone sebaka seo a neng a le ho sona. Le phakise le e’o bolella barutuoa ba hae, le re: ‘O tsohile bafung.’”EN 525.4

    Ba sheba ka lebitleng, ‘me ba bona lengeloi le leng le nkileng sebōpeho sa botho ‘me la re, “Ea phelang le ‘matlela’ng har’a bafu? Ha a eo mona, o tsohile bafung. Hopolang kamoo a neng a le bolelle kateng a sa le Galelea, ha a re: ‘Eka khona Mor’a Motho a neeloe matsohong a baetsalibe, ‘me a thakhisoe, a nt’o tsoha ka tsatsi la boraro.’”EN 526.1

    Joale Basali ba hopola hore — O itse O tla tsoha hape! A letsatsi la mohlolo! Ba tloha ba potlakile. “Ba tloha kapele lebitleng, ka tšabo le ka thabo e kholo, ba matha ho ea tsebisa barutuoa ba hae.”EN 526.2

    Maria o ne a e-s’o utloe litaba tsena tse molemo. O ile a ea ho Petrose le Johanne ka molaetsa oa mahlomola, a re, “Ba tlositse Morena lebitleng, ‘me ha re tsebe moo ba ‘meileng teng!” Barutuoa ba mathela lebitleng, ‘me ba fumana masela a neng a koahetse setōpō, empa Morena oa bona Eena ba se ke ba Mo bona. Leha ho le joalo hona e ne e le bopaki ba hore o tsohile. Masela a neng a Mo koahetse a ne a sa lahluoa feela, empa a ne a phuthiloe ka makhethe, le leng le le leng le ntse le le litulong tsa lona. Johanne “a bona, ‘me a lumela.” Ka nako ena, o ile a hopola mantsoe a Mopholosi a bolelang ka tsa tsoho ea Hae.EN 526.3

    Ke Kreste, ka sebele, ea neng A bea masela ao ka hlōkō. E ile ea re ha lengeloi le matla, le theohang leholimong, le phikolosa lejoe, le leng le ile la kena, la tlosa masela a neng a tlamile setōpō sa Jesu. Empa Mopholosi ka letsoho la Hae, O ile A mena masela ao, ‘me A a bea litulong tsa ona. O nka lintho tsohle e le tsa bohlokoa, Eena ea tataisang linaleli le tsohle.EN 526.4

    Maria o ne a ile a latela Johanne le Petrose ho ea lebitleng. Ha ba khutlela Jerusalema, a sala. O ne a hlomohile haholo. Ha a talima ka lebitleng, a bona mangeloi a mabeli, le leng le le ka hlohong, ha le leng le le ka maotong, moo Jesu A neng A beiloe. A ile a ‘motsa a re “‘Mosali, u llela’ng?’ A re ho oona, ‘Ba tlositse Morena oa ka, ‘me ha ke tsebe moo ba ‘meileng teng.’”EN 526.5

    O ile a reteleha, a hopotse hore a fumane motho ea ka mo hlalosetsang hore na setōpō se isitsoe kae. Lentsoe le leng le ile la bua le eena, la re, “Mosali u llelang? U batla mang?” Maria a talima ka mahlo a tletseng meokho, ‘me a bona monna, ‘me ka ho hopola hore ke molemi oa tšimong a ‘motsa a re, “Monghali, haeba ke uena ea mo tlositseng, mpolelle moo u ‘meileng teng, ‘me ke tla ea mo nka.” O ne a nahanne hore, haeba lebitla lena la morui le ne le sa tšoanela Jesu, eena o ne a tla Mo batlela sebaka. Ho ne ho e-na le lebitla le senang motho, leo Jesu ka boeena A neng A ile A tsosa motho ka hare ho lona, e leng la Lazaro.EN 526.6

    Empa joale Jesu A bua ka lentsoe le tloaelehileng, A re ho eena, “Maria!” Ha a hetla a bona Kreste ea phelang! A eme pel’a Hae. A Mo fofela a lakatsa ho aka maoto a Hae, ‘me a re “Rabbuni!” Empa Kreste A phahamisa letsoho la Hae A re, “U se ke ua ntšoara, hobane ha ke e-s’o nyolohele ho Ntate, empa e-ea ho bana beso, ‘me u ba bolelle, u re: ‘Ke nyolohela ho Ntate, le Ntat’a lōna, Molimo oa ka, le Molimo oa lona!”‘ Maria a isa molaetsa ona, a tletse thabo.EN 527.1

    Jesu O ile A hana ho amohela khumamelo e tsoang ho batho bana ba habo, ho fihlela a nyolohetse makhotleng a leholimo le ho Molimo, ho utloa hore na sehlabelo sa Hae seo A se etselitseng libe tsa batho, se lekane, le hore na ka mali a Hae bohle ba ka khona ho fumana bophelo bo sa feleng. Ntate O ile A tiisa selekane seo A neng A se entse le Kreste, sa hore O tla amohela batho ba bakileng libeng, ba Mo mamelang, ‘me O tla ba rata joalokaha A rata Mor’a Hae. Khosana ea bophelo E filoe matla ‘ohle a leholimong le lefatseng e le hore A tle A fe balateli ba Hae matla le khanya ea Hae.EN 527.2

    Nakong eo Mopholosi A ne A le ka pel’a Molimo, ho amohela limpho tsa kereke ea Hae, barutuoa ba ne ba soabile ‘me ba lla. Letsatsi lena leo e neng e le la nyakallo leholimong, ho bona e ne e le la pherekano le matsoalo. Hore e be ha baa ka ba lumela bopaki bo fanoeng ke basali ho bontša kamoo tumelo ea bona e neng e se e tetebetse ka teng. Ba ne ba sitoa ho lumela litaba tsena. E ne e ka ke toro. Litlhaloso tseo ba li utloileng ho Basaduke tseo ho thoeng ke tsa bohlalefi li ne li ba ferekantse, ‘me ba se ba sa tsebe hore na tsoho e bolelang. Mangeloi a ne a ile a re ho basali, “Le mpe le e’o bolella barutuoa ba hae le Petrose, le re: ‘O le etella pele ho ea Galelea; le tla ‘mona teng, joalokaha a le boleletse!’” Molaetsa ona oa mangeloi o ne o tšoanetse hore ebe o ile oa kholisa barutuoa hore ke oa ‘nete. Mantsoe a molaetsa oo a ne a ka buuoa ke Morena oa bona Ea tsohileng feela.EN 527.3

    Esale Kreste a e-shoa, Petrose o ne a soabile haholo. Kamehla o ne a hopola mahlabisa-lihlong ao a ileng a a etsa a ho latola Morena. Har’a barutuoa bohle ke eena ea neng a utloile bohlōkō ka ho fetisisa. O ile A mo qolla ka lebitso e le ho mo tiisetsa hore o tšoaretsoe.EN 528.1

    Maria oa Magadala, ha a se a bolelletse barutuoa hore o bone Morena, o ile a boela a pheta a ba hopotsa hore ba laetsoe ho ea Galelea. Ba ile ba boela ba fumana molaetsa ona lekhetlo la boraro. Hoba A nyolohele ho Ntate Jesu O ile A itlhaisa ho basali ba bang, A re “E-eang le tsebise bana beso hore ba ee Galelea, ‘me ba tla mpona teng.”EN 528.2

    Mosebetsi oa Kreste oa pele kamora’ tsoho ea Hae, e ne e le ho kholisa barutuoa ba Hae hore O ntse A ba rata ‘me A ba hlokomela joaloka pele. O ne A tla ba bokella haufinyane le Eena ka lerato. O ile A re, “E-eang le tsebise bana beso hore ba ee Galelea, ‘me ba tla mpona teng.”EN 528.3

    Empa le joale barutuoa ba ne ba ntse ba sitoa ho tlosa pelaelo le ho nyahama ho bona. Le ha basali ba ba bolella hore ba bone Morena ba ne ba ba nka ba le torong.EN 528.4

    Ho ne ho bonahala litsietsi tsa bona li latellana. Ba ne ba bone Mong’a bona A e-shoa; joale setōpō sa Hae se lahlehile; ‘me ba boetse ba qosoa ka hore ba se utsoitse hore ba thetse batho. Ba lahleheloa ke tšepo ea hore ba sa tla tseba ho hlakola litaba tsena tsa leshano tse neng li ntse li ata. Ba ne ba tšositsoe ke bora ba baprista le khalefo ea sechaba ‘me ba laba-labela hore eka Jesu A ka be A e-na le bona.EN 528.5

    Hangata ba ne ba lomaloma ba re, “Rōna re ne re tšepile hore ke eena ea tla lopolla Iseraele.” Luka 24:21. Ka masoabi le bolutu, ba ile ba kopana ‘moho, ka phaposing e ka holimo ‘me ba notlela mamati. Ba ne ba tseba hoba le bona ba ne ba ka ‘na ba bolauoa joaloka Moruti oa bona ea ratehang.EN 528.6

    Nakong ena eohle eo ba neng ba le masoabing, e ka be e ile ea eba nako ea thabo ho bona, hoja ba ne ba ile ba lumela litaba tsa hore Mopholosi O tsohile. Batho ba bangata ba etsa ntho e tšoanang le ena e neng e etsuoa ke barutuoa. Mopholosi O pel’a bona empa ha ba ‘mone hobane mahlo a bona a tletse meokho; O bua le bona empa ha ba utloisise.EN 528.7

    “Le phakise le e’o bolella barutuoa ba hae, le re: ‘O tsohile bafung.’” Le se ke la talima ka lebitleng le butsoeng le senang letho. Empa tsanyaolang lipina tsa thabo, ka lipelo tse tletseng thabo, le melomo e amiloeng ke mollo o halalelang, le re, Kreste O tsohile! O tsohetse ho ba Muelli oa rōna. EN 529.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents