Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Kreste O Thuha Marako A Karohano A Ho Shebelana Tlaase

    Jesu O qalile mosebetsi oa Hae ka ho atamela haufi le batho. Lehoja A ne A ntse a hlompha molao oa Molimo, O ile A khalemela mekhoa ea Bafarisi ea ho iketsa eka ba lōkile, ‘me A lōkōlla batho melaong e se nang kelello e neng e ba tlamile. O ne A batla ho thuha marako a neng a arohantse lihlopha tse sa lekaneng sechabeng, e le hore a kopanye batho ho ba etsa bana ba lelapa le le leng.EN 95.1

    Jesu O ile A nyatsa ho ithabisa ho se nang moeli, empa ka tlhaho E ne E le motho ea ratang batho. O ne A thabela kamohelo ea bohle, A chakela mahae a barui le bafutsana, barutehi le ba se nang tsebo. A leka ho phahamisetsa menahano ea bona, hore e nahane ka lintho tsa bo sa feleng. Ho ne ho se na meriti ea lintho tsa lefatše lena e neng e fifalitse boitšoaro ba Hae, empa O ne A thabisoa ke liketsahalo tse nang le thabo e se nang kotsi. Monyaka oa lenyalo la Bajuda o ne o se na bobe ho Mor’a Motho. Ka ho ea moketeng ona, Jesu O ile A phahamisa lenyalo e le ntho e theiloeng ke leholimo.EN 95.2

    Testamenteng e ncha le ea khale, lenyalo le emetse kopano ea bohlokoa, e halalelang, e teng lipakeng tsa Kreste le batho ba Hae. Menahanong ea Jesu, thabo ea lenyalo e ne e supa nyakallo ea letsatsi lela leo A tla beng A tlisa monyaluoa oa Hae, e leng ba pholositsoeng, tlung ea Ntat’ae. “Joalokaha monyali a thabela monyaluoa, Molimo oa hao le eena o tla u thabela.” “O tla u thabela ka nyakallo, a u rate ka lerato la sebele...a e hlabe sa mohl’a tsatsi la mokete.” Esaea 62:5; Sofonea 3:17. Moapostola Johanne o ngotse tjena: “Ka boela ka utloa ho kang molumo oa letsoelehali...ho re:...re thabeng, re nyakalleng, ‘me re mo tlotlise, hobane ke letsatsi la mokete oa lenyalo la Konyana. Monyaluoa oa hae o itokisitse.” Tšenolo 19:6,7.EN 95.3

    Jesu O ile A fihlela lipelo tsa batho ka ho tsoakana le bona, ‘me A iponahatsa A ba lakaletsa tse molemo. O ile A ba batla literateng, matlung a bolulo, liketsoaneng, masinagogeng, mabopong a linōka, le moketeng oa lenyalo. O ile A ba le thahasello litabeng tsa bona. Mohau oa Hae o matla o ile oa hapa lipelo tsa bona. Thapelo ea Hae e neng e etsoa boinotšing thabeng, e ne e lōkisetsa mosebetsi oa Hae har’a batho, bophelong ba bona. Ha A khutla likhutloaneng tsena tsa thapelo, O ne A tla ho imolla ba kulang, ho khaola liketane ho ba hapiloeng ke Satane.EN 95.4

    Jesu O ile A koetlisa barutuoa ba Hae ka ho kopana le ho sebelisana le bona. Ka nako e ‘ngoe O ne A ba koetlisa A lutse thabeng, ka nako e ngoe ba le pel’a leoatle, kapa A tsamaea le bona tseleng, A ba ruta liphiri tsa ‘muso oa Molimo. Ha A ka A laela barutuoa ba Hae ho etsa hona kapa hoane, empa O ile A re, “Ntateleng.” O ne A tsamaea le bona maetong a Hae, e le hore ba bone kamoo A rutang batho.EN 96.1

    Mohlala ona oa Kreste, o tšoanetse ho lateloa ke bohle ba rutang Lentsoe la Hae. Ha rea tšoanela ho itšekathajana, empa re lokela ho kopana le lihlopha tsohle tsa batho moo li leng teng. Ha se feela ka ho ema sefalaneng lipelo tsa batho li ka sisinngoang ke ‘nete ea leholimo. Tsimo e ‘ngoe ea ho sebetsa, e tšepisang haholo ke lapeng ha mofutsana, ke ntlong e majaba-jaba le moo batho ba bokaneng ka boithabiso bo se nang bobe.EN 96.2

    Ha re na ho tsoaka-tsoakana le batho ba lefatše ho kopanela lintho tsa mafeela. Ha rea tšoanela ho emela sebe ka mantsoe, liketso, ho se tholela, esita le ka boteng ba rōna ha se etsoa. Hohle moo re eang, re tšoanela ho tsamaea le Jesu. Bohle re tšoanela ho ba lipaki tsa Jesu. Matla a sechaba a hlohonolofalitsoeng ka mohau oa Kreste, a tšoanela ho ntlafatsoa e le hore meea e tle e hapjoe. A re etseng hore lefatše le bone hore re lakatsa hore ba bang ba arolelane le rōna mahlohonolo le menyetla, le hore bolumeli ha bo re etse hore re hloke mohau, le hore ha re ba qobelle. Bohle ba fumaneng Kreste ba ke ba sebeletse batho joaloka Eena.EN 96.3

    Ha re se ke ra fa lefatše maikutlo a fosahetseng a hore Bakreste ke batho ba lulang ba khenne ‘me ba se na thabo. Balateli ba Kreste ha se liemahale, empa ke batho ba phelang, banna le basali, ba arolelanang sebōpeho sa leholimo. Ba bonesetsa ba bang leseli le ba chabetseng, ka mesebetsi e khantšitsoeng ke lerato la Kreste.EN 96.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents