Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Pelo Tsa Bona Tsa Hoheloa Ke Motho Enoa Eo Ba Sa Mo Tsebeng

    Ha ba ntse ba tsoela pele leetong la bona, letsatsi la likela, ‘me le batho ba neng ba ntse ba sebetsa masimong, ba ne ba se ba orohile. Ha barutuoa ba atamela hae, moeti enoa A bonahala eka O batla ho tsoela pele leetong. Empa barutuoa ba ne ba labalabela ho mamela litaba tsa Hae hape. Ba Mo kōpa ba re, “hlola le rōna.” A bonahala eka Ha A amohcle memo ea bona, empa ba phehella. “Letsatsi le se le rapame, ‘me e se e tla ba mantsiboea.” Kreste O ile A amohela memo ena ‘me “Eaba oa kena, o hlola le bona.”EN 532.3

    Hoja barutuoa ba se ke ba qophella ho Mo mema, ba ka be ba sa ka ba tseba hore Eo ba neng ba ntse ba tsamaea le Eena, ke Morena ea tsohileng. Kreste Ha A qobelle mang kapa mang ho Mo amohela. O etela esita le malapa a bohloking bo boholo ka thabo, empa ha batho ba sa Mo tsotelle, ba sa Mo kope ho ba le bona Oa iphetela.EN 532.4

    Lijo tse bobebe tsa mantsiboea tsa lokisoa, ‘me tsa behoa ka pel’a moeti enoa Ea neng A lutse hlohong ea tafole. Joale A otlolla matsoho ho hlohonolofatsa lijo, ka mokhoa o neng o tšoana le o neng o ee o etsoe ke Mong’a bona. Barutuoa ba chechella morao ke ho makala. Ba Mo talima ‘me ba bona maqeba a lipekere ka matsohong a Hae. Bobeli ba bona ba hoa ba re, Ke Morena Jesu!EN 533.1

    Ha ba raoha ba re ba itihela maotong a Hae, A ba nyamella. Ba ile ba sheba setulo seo A neng A lutse ho sona, Eena eo ‘mele oa Hae O neng O le ka lebitleng, ‘me ba bolellana ba re “Ana pelo tsa rona li ne li sa chese ka ho rōna ha a bua le rōna tseleng, a ntse a re hlalosetsa Mangolo na?”EN 533.2

    Ha ba qeta ho fumana litaba tsena tse kholo, ba lebala mokhathala le tlala tseo ba neng ba ena le tsona. Ba siea lijo ba sa li ja ‘me ba potlaka ho khutlela Jerusalema ho tsebisa barutuoa ba bang. Ba ne ba e-hloa meepa, ba tsamaea ba thella, empa takatso ea bona e ne e le ho potlaka. Ba ne ba tsamaea ba lahleha, empa ba boele ba fumane tsela hape. Ka nako e ‘ngoe ba ne ba matha, ka e ‘ngoe ba khoptjoe, empa ba ‘na ba tsoela pele leetong, ‘me Eo ba neng ba sa ‘Mone O ne A ntse A le lehlakoreng la bona, leetong lohle la bona.EN 533.3

    Ho ne ho le lefifi empa leseli la ho loka le ne le ba chabetse. Ba ne ba bonahala ba le lefatseng le lecha. Kreste O tsohile -ba ne ba ntse ba pheta mantsoe ana. Ba ne ba tšoanela ho tsebisa ba mahlomoleng litaba tse molemo tsa leeto la ho ea Emmause. Ba lokela ho ba tsebisa ka Ea ileng A kopana le bona tseleng. Ba ne ba tšoere molaetsa o moholo ho feta eohle e kileng ea fanoa -litaba tsa thabo, tseo tebello ea lelapa lohle la botho e neng e itšetlehile ka eona ho isa ka ho sa feleng. EN 533.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents