Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Taba Ea Tlhahlamano Ea Baapostola

    Joalokaha ho pakiloe hore ho ba setloholo sa Aborahama, ha se ka lebitso kapa tsoalo, empa ke ka ho tšoana ha semelo, ka mokhoa o tšoanang le eona tlhahlamano ea boapostola ha ea itšetleha ka neheletsano ea matla a bokereke, empa e itšetlehile ka likamano tsa moea. Pontšo ea ‘nete ea ho latela boapostola, ke ho phela bophelo bo laoloang ke moea o neng o laola baapostola, le ho lumela le ho ruta ‘nete eo ba neng ba e ruta.EN 317.5

    Jesu A re, “Lōna le etsa liketso tsa ntat’a lona.” Bajuda ba araba ka ho soma ba re, “Ha rea tsoaloa ka bohlola; re na le Ntate a le mong, e leng Molimo.” Mantsoe ana, a ne a bapisoa le mokhoa oo A tsoetsoeng ka oona, a ne a reretsoe ho hlaba Kreste pontšeng ea batho ba neng ba qala ho lumela ho Eena. Jesu A se ke A tsotella taba eo, A mpa A re, “Ha Molimo e ne e le Ntat’a lona, le ka be le nthata, hobane ke tlile ke e-tsoa ho Molimo; ha kea tla ka bonna, empa ke eena ea nthomileng.”EN 317.6

    “Le tsoa ho ntat’a lona, Diabolosi,” ha rialo Jesu. “‘me le rata ho phetha litakatso tsa ntat’a lōna. Eena e bile ‘molai ho tloha tšimolohong, ‘me ha aa ka a ema ‘neteng, hobane ha ho ‘nete ka ho eena....Ha ke bolela ‘nete, ke ba baka la’ng ha le sa ntumele?” Taba ea hore Jesu O ne A bua ‘nete ka ho tiea, ke eona e entseng hore baetapele ba Bajuda ba se ke ba Mo amohela. ‘Nete e ne e khopisa batho bana ba neng ba ipona ba lōkile. ‘Nete e ne e totobatsa liphoso tsa bona, e tsoa lithuto le mekhoa ea bona; ‘me e ne e sa amohelehe. Ha ba ka ba rata ‘nete.EN 318.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents