Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Lilemo Tse Lefifi Tsa Litlhoriso

    Ho tloha paleng ea tšenyeho ea Jerusalema, Kreste O ile A fetela pele ka potlako, ho ea qetellong ea pale ea lefatše — e leng ea ho tla ha Mora oa Molimo ka borena le khanya. Lipakeng tsa liketsahalo tse peli tsena, Kreste A bona nako e telele ea mengoaha ea lefifi, mengoaha eo ka eona kereke ea Hae e tlabe e aparetsoe ke tšollo ea mali, likeleli le mahlomola. Jesu A akaretsa liketsahalo tsena ka bokhutšoanyane, A re, “Hobane mohlang oo ho tla ba le litlokotsi tse kholo, tse e-song ho be teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela joale, ‘me ha li sa tla ba teng hape. Hojane nako eo ha e tl’o khutsufatsoa ho ne ho se motho le ea mong ea neng a tla pholoha, empa nako eo e tla khutsufatsoa ka baka la bakhethoa.”EN 426.4

    Ka lilemo tse fetang sekete, balateli ba Kreste ba ne ba tla feta har’a litlhoriso tse tšabehang, tseo lefatše le neng le e-s’o li bone. Lipaki tsa Hae tse tšepahalang, tse baloang ka limilone li ne li tla bolaoa. Hoja Molimo A se ke A otlolla letsoho la Hae ho sireletsa batho ba Hae, ba ka be ba shoele bohle.EN 427.1

    Joale, Morena oa rōna A bua ka ho khutla ha Hae lekhetlo la babeli, ka puo e utloahalang, A re, “Mohlang oo haeba motho a ka re ho lona: ‘Bona, Kreste ke enoa!’ kapa: ‘Bona, ke eo!’ le se ke la ba la lumela, hobane bo-Kreste ba bohata le baporofeta ba bohata ba tla hlaha, ‘me ba tla etsa lipontšo le limakatso hore, haeba ho ka etsahala, ba tie ba khelose le bona bakhethoa....Ka baka leo, haeba ba re ho lōna: ‘Bonang, o teng feelleng!’ le se ke la ea teng; kapa, ‘Bonang, o phaposing!’ le se ke la ba la lumela, hobane joalokaha lehalima le tsekema ho tloha bochabela le be le e’o fihla bophirimela, le ho tla ha Mor’a Motho ho tla ba joalo.” Liphuthehong tse likete-kete, moo batho ba ipolelang ka hore ba buisana le meea ea ba shoeleng, na ebe ha se moo ho utluoang mohoo o reng, “Bonang, o phaposing”? Hona ke polelo e sebelisoang ke meea e litšila. Empa Kreste O reng? O re, “le se ke la lumela.”EN 427.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents