Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 31—THUTO EA THABENG — MAHLOHONOLO

    [E itšetlehile ka khaolo ea Matheu 5 ho isa 7.]

    Kreste O na sa atise ho bokella barutuoa ba le bang ho ba bolella lentsoe la Hae. E ne e le mosebetsi oa Hae ho fihlela matšoeletšoele a batho, a bua le bona ka mantsoe a tlhokomeliso, boipiletso le khothaletso, A batla ho phahamisa bohle ba neng ba tla ho Eena.EN 202.1

    Thuto ea thabeng leha e ne e tobile barutuoa hakaalo, e ne e buuoa har’a matšoele-tsoele a batho. Kamora’ tlotso ea baapostola, Jesu O ile A ea nq’a lebopong la leoatle. Hoseng ha letsatsi le latelang, batho ba ne ba se ba qalile ho bokana, ha ba utloa tsohle tseo a li etsang, ba tla ho mo mamela le ho folisoa maloetseng a bona...matla a ne a e-tsoa ho eena, ‘me o ne a folisa bohle. Mareka 3:8; Luka 6:17-19.EN 202.2

    Ka lebaka la bonyenyane ba sebaka se lebopong, ho no ho sena moo batho ba ka emang teng. Jesu A ba etella nq’a ea thabeng, moo ba ileng ba fihlela sebaka se bataletseng ‘me ba khona ho phutheha kaofela. Jesu A lula fatše joanng eaba barutuoa le matšoele a latela.EN 202.3

    Barutuoa ba ile ba lula pela Hae ba e-na le thahasello ea ho utloisisa linnete tse neng li tla tsebahatsoa mafatšeng le mengoaheng eohle. Ba ne ba lumela hore ‘muso oa maholimo o se o le haufi.EN 202.4

    Moea oa tšepo o ne o foka le matsoeleng ana a neng a phuthehile. Ha ba ntse ba lutse makhulong a lerallaneng, lipelo tsa bona li ne li tletse menahano ea khanya e tlang. Bangoli le Bafarisi ba ne ba lutse ba lebeletse ho fihla ha letsatsi leo ka lona ba tlang ho ba le matla holim’a Baroma, le ho hapa maruo le matlotlo ‘ohle a bona kaha e ne e le ona ‘muso o moholo ka nako eo. Banna ba motseng hammoho le batšoasi ba lihlapi ba ne ba tšepile ho utloa hore maqhofa a bona, lijo tsa bona tse fokolang, le tšabo ea bona ea ho itseka li tla fetohela majaba-jabeng; le hore ba tla phela hamonate. Ba ne ba tšepile hore Iseraele e tla hlonepheha lichabeng tse ling joaloka sechaba se khethiloeng sa Molimo, le hore Jerusalema e tla phahamisoa hoba motse-moholo oa mebuso eohle.EN 202.5

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents