Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Mohlala Oa Kreste O Hanela Khethollo

    Ke ‘nete hore sebe se pepeneneng se khaola motho selallong. Sheba 1 Bakorinthe 5:11. Empa kantle ho moo, ha ho ea lokelang ho ahlōla. Ke mang ea ka balang pelo, kapa a khetholla mofoka ho koro? “Motho ka mong a ke a itekole pele, e be hona a jang bohobe boo, ‘me a noelang senoelong seo.” “Ka baka leo, mang kapa mang ea jang bohobe ba Morena, kapa ea noelang senoelong sa Morena ka mokhoa o sa lokelang, o tla be a siteloa ‘mele le mali a Morena.” “Ea jang le ea noang a sa khetholle hore ke ‘mele oa Morena, o ipitsetsa kahlōlo.”EN 445.1

    Ha balumeli ba kopane ho keteka tebeletso ena, ho ka ‘na ha ba le Judase ka har’a bona; ‘me haeba ho le joalo, barōmuoa ba tsoang ho Morena oa lefifi ba teng, hobane ba tsamaea le bohle ba hanang ho tsamaisoa ke Moea o Halalelang. Mangeloi a leholimo le ‘ona a teng. Ho ka ba teng har’a bona, batho bao e seng bahlanka ba ‘nete le khalalelo, empa ba lakatsang ho kena tšebeletsong. Ba se ke ba haneloa. Ho na le lipaki tse teng, tse neng li le teng ha Jesu A hlatsoa maoto a barutuoa.EN 445.2

    Kreste ka Moea o Halalelang O teng ho ahlōla le ho nolofatsa pelo. Ha ho mohopolo le o mong oa ho soabela sebe oo A sa o hlokomeleng. O emetse ea bakang, ea puo e robehileng. Eena ea neng a hlatsoe maoto a Judase, O laba-labela ho hlatsoa pelo e ‘ngoe le e ‘ngoe ho tlosa matheba a sebe.EN 445.3

    Ho se be motho ea itimang selallo hobane ho le teng batho ba sa lokelang. Hona mona, ka litlhophiso tsa Hae, Kreste O kopana le batho ba Hae, ‘me A ba matlafatse ka boteng ba Hae. Lipelo le matsoho tse hlokang tōkelo li ka ba ‘na tsa fana ka tsebeletso, empa bohle ba tlang ba tiisitse tumelo ea bona ho Kreste ba tla hlohonolofatsoa haholo. Bohle ba iphapanyetsang nako ena ba lahleheloa haholo. Ho fana ka selallo e ne e le ho hlokomelisa barutuoa ka sehlabelo se sa feleng, se etselitsoeng e mong le e mong oa bona bao e leng karolo ea botho bohle bo oeleng.EN 445.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents