Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Muso Oa Tsamaiso E Fapaneng

    Kreste O ne A theha ‘muso o itšetlchileng ka tsamaiso e fapaneng. O ne A bitsa batho ho tla sebeletsa ba bang e seng ho ba busa; A bitsa ba matla ho jara mathata a ba fokolang. Matla, litulo, talenta, thuto, li ne li tlama ea nang le tsona hore a sebeletse ba bang.EN 366.4

    “Mor’a Motho, ha aa ka a tlela ho sebeletsoa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ea ba bangata.” Molao oo Kreste A neng A sebetsa ka oona, o lokela ho susumetsa litho tsa kereke, e leng ‘mele oa Hae. ‘Musong oa Hae ba phahameng ke ba latelang mohlala oa Hae.EN 366.5

    Mantsoe a Paulosi a bontša boitlhompho ba ‘nete le tlotla ea bophelo ba Bokreste: “Ke motho ea lokolohileng, ea seng taolong ea mang kapa mang, empa ke ikentse lekhoba la bohle.” “Joalokaha le ‘na ke leka ho thabisa bohle, linthong tsohle. Ha ke ipatlele se molelmo ke le mong, ke se batlela le ba bangata, hore ba tle ba pholosoe.” 1 Bakorinthe 9:19; 10:33.EN 366.6

    Tabeng ea letsoalo la motho, ha ho motho ea lokelang ho laola kelcllo ea e mong kapa ho mo khethela tšoanelo ea hae. Molimo O file motho e mong le e mong bōlōkōlohi ba ho nahana, ‘me a latele seo a se lumelang. Linthong tseo molao o leng teng ho tsona, “e mong le e mong a kholisehe ka ho tlala hore o nepile.” Baroma 14:5. Mangeloi a leholimo ha a tle lefatšeng ho tla busa le ho qobella ho hlonephuoa, empa a tlile ho tla sebetsa ‘moho le batho, ho tsosolosa ba bang.EN 366.7

    Melao le mantsoe a thuto ea Mopholosi, a ile a lula ka kelellong ea morutuoa ea ratoang, ho fihlela botsafaling ba hae. Boima ba bopaki ba Johanne e ne e le hore, “Molaetsa oo le o utloileng ho tloha tšimolohong o re re rataneng.” “Re tseba seo lerato le leng sona ka sena: Kreste o re teletse bophelo ba hae, le rona re tšoanetse ho tella bana babo rona bophelo ba rōna.” 1 Johanne 3:11,16.EN 367.1

    Moea ona o ne o tletse kerekeng ea pele. Kamora’ ho tšolleloa ha Moea o Halalelang, “Bongata ba ba lumetseng ba e-ba pelonngoe le moeamong.” “Baapostola ba ne ba paka tsōho ea Morena Jesu Kreste ka matla a mahlolo.” Liketso 4:32,33.EN 367.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents