Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Jesu O Sebetsa Nyeoe Ea Bofebe

    Ho tloha pherekanong ea motse, ho tloha matšoeleng a labalabelang ho hong, le ho baruti ba tletseng boeki Jesu A ea moo ho khutsitseng, merunyaneng ea mehloare, moo A ka bang boinotšing le Molimo. Empa e sa le hoseng A khutlela tempeleng, ‘me batho ba ‘Mokanela.EN 312.2

    Hang-hang A kenoa hanong. Sehlopha sa Bafarisi le bangoli sa atamela, se hulanya mosali ea tšohileng. Ka manlsoe a matla, a laba-labelang ho hong ba mo qosa ka ho tlōla molao oa bosupa. Hoba ba mo sutumetse pontšeng ho Jesu, ba re, “Molaong Moshe o laetse hore ba joalo re ba tlepetse ka majoe; uena u re’ng?”EN 312.3

    Ba ne ba nkile monyetla ka nako ena ho fumana seo A ka ahlōloang ka sona; ba nahanne hore taelong efe kapa efe eo A ka e etsang, ba tla fumana lebaka la ho Mo qosa. Ha A ka lokolla mosali, O na A ka qosoa ka hore O nyelisa molao oa Moshe. Ha A na A ka mo phatlalatsa a lokela lefu, O ne A ka qosoa ho Maroma ka ho inkela matla ao eleng a bona feela.EN 312.4

    Jesu A talima ketsahalo ena -phofu e tlakaselang lihlonng tsa eona, batho ba maemo a hlomphehang ba fahleho li thata, ba hlokang mohau. O bala pelo ‘me A ba A tseba semelo le pale ea bophelo ba e mong le e mong oa bona. A se ke A ba bontša hore O utloa potso ea bona. A inama ‘me A qala ho ngola leroleng.EN 312.5

    Ka ho khentšoa ke tieho ea Hae le boiphapanyo ba Hae, baqosi ba atamela haufi-ufi. Empa hoba mahlo a bona a tsepame maotong a Hae, tšobotsi tsa lifahleho tsa bona tsa fetoha. Teng ba bona ho hlahisitsoe ka pele ho bona, makunutu a ba tsoang a bophelo ba bona ka sebele. Batho ba bona phetoho e potlakileng ea puo ea bona, ‘me ba petetsana ho ea ka pele ho ea bona hore na keng seo ba neng ba se hlokometse ka makalo e kaalo le lihlong.EN 312.6

    Ka boipolelo bohle ba bona ba hore ba hlompha molao, baruti bana ba ne ba sa e le hlōkō litlhōkō tsa ona. Ea neng a lokela ho qosa e ne e le monna oa mosali; ‘me batho ba entseng bohlola ba khalemeloe ka ho lekana. Ketso ea baqosi bana e ne e se ea molao. Leha ho le joalo Jesu A ba tšoara ka ntho ea bona. Molao o topile hore lipaki nyeoeng e be tsona tsa pele ho betsa lejoe. Joale ha A inamoloha ‘me A tsepamisa mahlo a Hae ho baholo ba neng ba rerile polao, Jesu A re, “Ea se nang sebe ho lona, a ‘metse pele ka lejoe!” A ntoo boela A ngola fatše.EN 313.1

    Joale baqosi, ha ba hlōtsoe, seaparo sa bona sa ho iketsa ba khalalelo sa ba tabohela, ba ema ba le molato ba tsuoe pontšeng ea Bohloeki bo se nang Bofelo. Ba tsoa ba salane morao, ka hloho tse kebileng le mahlo a tepeletseng, ba siea motho eo ba mo hobosang le Mopholosi ea nang le qenehelo.EN 313.2

    Eaba Jesu oa inamoloha, ‘me ha A talima mosali A re, “Mosali, ba kae? Ha ho ea u tsoileng?” A re: “Ha a eo, Morena.” Jesu A re: “Le ‘na ha ke u tsoe; e-ea, ‘me ho tloha joale u se ke ua hlola u etsa sebe.”EN 313.3

    Mosali o ne a eme ka pele ho Jesu a kobotetse ke tšoho. Mantsoe a Hae, “Ea se nang sebe ho lōna, a ‘metse pele ka lejoe!” a mo fihlela joaleka kahlōlo ea lefu. Ka mokhoa o khutsitseng o ne a lebeletse tsuo ea hae. Ho hlolloeng a bona baqosi ba hae ba tloha, ho se puo ‘me ba ferekane; eaba o utloa mantsoe ao a tšepo a reng, “Le ‘na ha ke u tsoe; e-ea, ‘me ho tloha joale u se ke ua hlola u etsa sebe.” Pelo ea hae ea qhibiliha, ‘me ka ho sisa pelo ke lerato la hae la teboho, ka lillo tse bohlōkō a ipolela libe.EN 313.4

    Hona ebile qaleho ea bophelo ba hloeko le khotso ho eena. Ka ho phahamisa moea ona o oeleng, Jesu O phethile mohlolo o moholo haholo ho fetisa ho folisa boloetse ba ‘mèle bo utloisang bohlōkō ka ho fetisisa. O folisitse boloetse ba moea bo isang lefung la bo sa feleng. Mosali enoa ea soabetseng libe tsa hae ‘me a li baketse ea e-ba e mong oa balateli ba Hae ba tiileng ka ho fetisisa.EN 313.5

    Jesu ha A bapalise sebe leha e le ho nyenyefatsa molato, empa O batla ho pholosa. Ea Hlokang Sebe O hauhela bofokoli ba moetsalibe ‘me A nanabetse letsoho le thusang. Molateli oa Kreste ha a lese hore ba latele tsela ea tšenyeho. Batho ba hloile moetsalibe athe ba rata sebe. Kreste O hloile sebe, empa O rata moetsalibe. Ona e tla ba moea oa bohle ba Mo latelang. Lerato la Bokreste le lieha ho nyatsa, le phakisa ho lemoha masoabi, le itōkiselitse ho tšoarela, ho khothatsa le ho bea moleleri tseleng ea khalalelo.EN 313.6

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents