Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ea Fetang Moporofeta

    Johanne o ne a le “moholo le ho feta moporofeta.” Baporofeta ba ile ba bonela ho tla ha Kreste hole, empa Johanne eena o ile a neoa hore a Mo bone, a be a Mo hlahise ho sechaba sa Iseraele, e le Morōmuoa oa Molimo. Moporofeta Johanne e ne le leseli le lenyenyane le tla lateloa ke le leholo. Ha ho sa tla ba leseli le tla khanyetsa batho ba oeleng haholo joaloka lithuto le mehlala ea Jesu.EN 144.5

    Ha e ne e se ka thabo eo a neng a e fumana thōmong ea hae bophelo ba Johanne e ne e le ba mahlomola. O ne a le bolutu. Ha a ka a lumelloa ho bona litholoana tsa mosebetsi oa hae. Ha a ka a fumana tōkelo ea ho ba le Kreste, ‘me a bone khanya e neng e bonahala polelong e ‘ngoe le e ‘ngoe ea Kreste, ‘me e bonesa litšepiso tsa boporofeta.EN 145.1

    Heroda o ne a lumela hore Johanne ke moporofeta oa Molimo ‘me o ne a lakatsa haholo ho mo lokolla. Empa o ne a tšaba Herodiase. Herodiase o ne a tseba hore a ke ke a kholisa Heroda hore a bolaee Johanne kahoo a etsa qeto ea ho sebetsa ka maqiti. Ka letsatsi la tsoalo ea morena ho ne ho tla ba le mokete. Ho ne ho tla ba le boithabiso le botahoa. Herodiase a lumela hore mohlomong Heroda a ka lumellana le maikutlo a hae tsatsing leo.EN 145.2

    Ha letsatsi leo le leholo le fihla, morena le mahosana a hae ba ile ba ithabisa ‘me ba noa. Herodiase o ile a rōmella morali oa hae ka tlung ea mokete, ho ea etsetsa bamemuoa chao. Salome o ne a le lilemong tsa boroetsana bo bocha, ‘me botle ba hae bo hohelang ba hapa baeti ba morena. Heroda a neoa lithoriso tse phoqang, ha enoa morali ea baprista le likhosi tsa Iseraele a ntse a etsetsa bamemuoa chao.EN 145.3

    Morena o n’a thotofalitsoe ke joala. Maikutlo a hae a ne a le thoko le eena, ‘me kelello ea hae e lahlehile. Ka pele ho eena, o ne a bona feela baeti ba thabileng, a bona mokete le joala, le mabone a phatsimang, le moroetsana ea etsang chao. Ka motsotsoana feela, bohlasoa ba hlaha; morena a batla ho etsa pontšo e neng e tla mo phahamisa kapele ho banna ba baholo ba ‘muso oa hae. A tšepisa morali oa Herodiase ka kano hore o tla mo fa ntho efe kapa efe eo a ka e kōpang, eo a e batlang leha e ka ba ho mo arolela ‘muso oa hae ka lehare.EN 145.4

    Salome a titimela ho ‘m’ae. Ebe a ka kōpa eng? Karabo e ne e se ntse e lōkile -hlooho ea Johanne Mokolobetsi. Salome o ne a tšaba ho ea hlahisa kōpo eo, empa o ile a hloloa ke maikutlo a ‘m’ae. Moroetsana o ile a khutla ka kōpo eo e tšabehang, a re, “Mphe hona mona, ka mokèkè, hlooho ea Johanne Mokolobetsi.”EN 145.5

    Heroda a makala, a tlalloa. A otloa ke letsoalo ha a nahana ho felisa bophelo ba Johanne. Empa le teng o n’a sa batle ho bonahala eka maikutlo a hae a thekesela. O ne a entse kano e le ho tlotlisa baeti ba hae, ‘me hoja e mong ho bona o kile a etsa tlhahiso e hanyetsanang le ho phethahatsoa ha tšepiso eo, a ka be a babaletse bophelo ba moporofeta ka thabo. O ile a ba fa monyetla oa ho buella motsoaruoa. Ba ne ba tseba hore Johanne ke mosebeletsi oa Molimo. ‘Me le hoja ba ile ba tsietsoa ke kōpo ea moroetsana, ba ne ba thotofetse likelello hoo ba ileng ba sitoa ho hanyetsa letho. Ha ho ea kileng a hlahisa lentsoe, ho pholosa bophelo ba leqosa la leholimo. Banna bana ba maemo a phahameng, ba ne ba na le boikarabelo bo boholo, empa ba ne ba inehelletse botahoa. Lihlooho tsa bona li ne li hapiloe ke ‘mino o tsekelisang le motjeko, ‘me matsoalo a bona a ne a robetse. Ka ho thola ha bona, ba ne ba phatlalatsa kahlolo ea lefu holim’a moporofeta oa Molimo, e le ho phethisa boiphetetso ba mosali eo ea nyatsehang.EN 146.1

    Heroda o ile a laela ka lesisitheho hore moporofeta a khaoloe hlooho. ‘Me hlooho ea Johanne e ile ea tlisoa hang. Joale ho ne ho ke ke ha hlōla ho utloahala lentsoe leo le biletsang batho pakong. Boithabiso ba bosiu bo le bong bo ile ba nka bophelo ba e mong oa baporofeta ba baholohali.EN 146.2

    Ke hangata hakaakang batho ba hlokang molato ba etsoang sehlabelo, ka lebaka la ho hloka boikhalemelo ha batho ba tsoanetseng ho tsamaisa tōka! Motho ea noang tai o tla jara molato oa mesebetsi eohle e hlokang tōka eo a ka e etsang a le tlas’a matla a eona a thotofatsang kelello. Batho ba nang le matla a ho sebelisa tōka holim’a maphelo a ba bang, ba etsa tlolo ea molao ha ba inehella ho tsamaisoa ke litakatso tsa bona. Ba lōkela ho ba le taolo e phethahetseng holim’a matla a bona a ‘mele, le kelello le litakatso, e le hore ba tle ba be le likelello tse matla le letsoalo le letle la tōka.EN 146.3

    Herodiase o n’a thabetse boiphetetso ba hae, ‘me o n’a ithetsa ka hore letsoalo la Heroda ha le sa tla khathatseha. Empa thabo ha ea ka ea e-ba teng. Lebitso la hae (Herodiase) le ile la nyatseha, haele Heroda eena a hlorisoa ke letsoalo le molato. Ka linako tsohle o (Heroda) ne a leka ho itokolla letsoalong le molato. Eare ha a hopola bophelo ba Johanne bo hlokang boikhōhōmōso, le boipiletso ba hae ba bohlokoa, bo tiileng, le liqeto tsa hae tse utloahalang ha a eletsa, ‘me joale a hopola hore na o shoele joang, Heroda o ne a sitoa ho fumana phomolo. Litabeng tsa naha, ha a fumana tlhompho e tsoang ho batho ba hae, o n’a bontša sefahleho se thabileng empa a patile pelo e hateletsoeng ke letsoalo. O ne a lumela hantle hore Molimo o bone bosaoana ba boithabiso bo neng bo le ka tlung, ebile O bone nyakallo ea Herodiase le tlhapa eo ka eona a rohakileng hlooho e khaotsoeng, ea motho ea neng a mo khalemela.EN 146.4

    Eitse ha Heroda a utloela ka mesebetsi ea Kreste a nahana hore Molimo o tsositse Johanne bafung. Ka linako tsohle o ne a lula a tšohile hore Johanne o tla phetetsa lefu la hae ka ho mo ahlola, eena le ba ntlo ea hae. Heroda o n’a kotula litholoana tsa sebe -“lipelo tsa lōna li tšoenyehe, mahlo a Iona a fifale, meea ea Iona e hlomohe....Hoseng le tla re: ‘Hoja e ne e le ka phirimana!’ Ka phirimana le re: ‘Hoja e ne e le hoseng!’ e le ka baka la tšabo eo lipelo tsa lōna li tla tšaba ka eona.” Lipolelo 28:65,67. Ha ho na kotlo e bohlōkō ho feta letsoalo le molato, le sa faneng ka phomolo bosiu le motšeare.EN 147.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents