Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Lesholu Le Le Leng Le Thakhisitsoeng La Lumela

    Jesu ha A le sefapanong A tlcloa ke lehlaseli le le leng la tšeliso -thapelo ea lesholu le nang le pako. Banna ba babeli ba thakhisitscng le Jesu, qalong ba ne ba Mo nyefola; ‘me e mong ka lebaka le bohlōkō, a totisa ho tsieleha le ho tella. Empa molekane oa hae e ne e se sesinyi se thatafetscng; molato oa hae o ne o fokola ho feta oa ba bangata ba neng ba eme pel’a sefapano, ba rohaka Mopholosi. O ne a ile a bona a ba a utloa Jesu, empa a khelosoa ho Eena ke baprista le babusi. Ha a ntse a leka ho fumana kholiseho, a tlōlela kahar’a sebe, ho fihlela a tšoaroa ‘me a tsuoa.EN 500.5

    Ha a le sefapanong, a bona batho ba bolumeli bo boholo ba soma Jesu. A utloa motsoalle oa hae a tlatsana le lipuo tseo tse nyefolang, a re: “Na ha u Kreste na? Ipholose, le rōna u re pholose.” Ho ba fetang ka tsela, a utloa ba bangata ba pheta mantsoe a Jesu, ‘me ba bolela mesebetsi ea Hae. A boela a kholiseha hore enoa ke Kreste. A retelehela ho motsoalle oa hae oa sesinyi, a re, “Na uena ha u tšabe Molimo, empa le le kahlōlong e tšoanang?” Masholu a lekhatheng la lefu, a ne a se a sa tšabe letho. Empa ho e mong oa bona, ha tiea kholiseho ea hore Molimo O teng, Ea lōkelang ho tšajoa, le bokamoso bo mo kenyetsang thōthōmelo. ‘Me joale pale ea bophelo ba hae e qetellong. A re, “Rōna re hlile re ahlōtsoe ka toka, hobane re amohela moputso oa liketso tsa rōna; athe eena ha aa ka a etsa letho le sa lokang.”EN 501.1

    Ha le ahloloa ka lebaka la tlōlo ea lona lesholu lena le ile la nyahama; empa joale la fihleloa ke mehopolo e makatsang, e molemo. Moea o Halalelang oa khantšetsa kelello ea hae, ‘me bopaki ba kopana butle-butle. Ho Jesu Ea neng A sonngoa, A leketlile sefapanong, a bona Konyana ea Molimo. Tsepo e ne e kopane le bohlōkō mantsoeng a hae, ka moea oona o shoang a itahlela ho Mopholosi ea shoang, a re, “Jesu, ak’u nkhopole ha u e-tla ka matla a hao a borena.”EN 501.2

    Kapele karabo ea tla, e le bonolo e le monate, e tletse lerato le matla, ka mantsoe ana: “Ruri kea u bolella kajeno, u tla ba le’na paradeising.” Jesu O ne A mametse ka pelo e chesehang, hore barutuoa ba pake tumelo. O ile A utloa feela mantsoe a hlorileng a reng, “Rōna re ne re tšepile hore ke eena ea tla lopolla Iseraele.” Luka 24:21. Ho bile monate hakaakang ho Mopholosi, ha lesholu le lekhatheng la lefu le bua ka tumelo le lerato! Esita le barutuoa ba ne ba se ba belaela, empa lesholu lona la bitsa Jesu “Morena.” Ha ho le a mong ea kileng a Mo paka ha A le sefapanong, haese lesholu le fumaneng pako, la pholosoa ka matšotso oa ho qetela.EN 501.3

    Lentsoe la monna eo ea bakileng le hapa likelello tsa ba lebelletseng. Ba neng ba ntse ba tsekisana liaparo tsa Kreste, ba khaotsa, ‘me ba mamela le ho lebella karabo e tla tsoa molomong oa Kreste ea shoang.EN 501.4

    Eitse ha A bua mantsoe a tšepiso, leru le letšo le neng le bonahala le aparetse sefapano la hlajoa ke leseli le phelang. Kreste A tlotlisoa kahar’a nyeliso ea hae. Eena eo mahlong a bohle A neng A bonahala eka O hlōtsoe, ea e-ba Mohlōli. A tsebahala e le Mojara-libe. Ba ne ba ka Mo hlobolisa liaparo tsa Hae empa ba ne ba ke ke ba Mo amoha matla a Hae a ho tšoarela libe. Ke tšoanelo ea Hae ea borena ho pholosa bohle ba tlang ho Molimo ka Eena!EN 502.1

    Ke re ho uena kajeno, U tla ba le’na paradeising. Kreste O ne A sa tšepise lesholu hore le tla ba le Eena paradeising ka letsatsi lona leo. Eena ka boeena, ha A ka ba A ea paradeising ka lona letsatsi leo. O ile A robala lebitleng, ‘me hoseng ha letsatsi la tsōho A re, “Ha ke e-s’o nyolohele ho Ntate.” Johanne 20:17. Empa ka letsatsi lona leo ho neng ho bonahala eka ho hlōloa ho teng, tšepiso e ile ea fanoa. “Kajeno” ha a e-shoa sefapanong e le sesinyi, Kreste A tiisetsa moetsalibe hore, “U tla ba le ‘na paradeising.”EN 502.2

    Boemo ba Kreste ba ho ba lipakeng tsa masholu bo ne bo entsoe ka taelo ea baprista le babusi, ho bontša hore ke Eena sesinyi se seholohali ho ba bararo bao. Empa Jesu ha A behoa “hare” le sefapano sa Hae joalo feela, se beiloe hare ho lefatše le shoang le robetse kahar’a sebe. ‘Me mantsoe a tšoarelo a boleletsoeng lesholu le bakileng, a khantšitse leseli le tla khanyetsa liqola tsohle tsa lefatše. Nyelisong ea Hae, Jesu joaleka moporofeta a bua le barali ba Jerusalema; joaleka moprista le ‘muelli A kōpa Ntate hore A tšoarele babolai ba Hae; joaleka Mopholosi O ile A tšoarela libe tsa lesholu le bakileng.EN 502.3

    Maotong a sefapano ho ne ho eme ‘M’ae, a tšehelitsoe ke Johanne. O ne a sitoa ho mamella ho ba sieo ho Mora oa hae, ‘me Johanne, ka ho tseba hore qetello e haufi, a mo tlisa hape. Jesu ha A bona sefahleho sa hae se hlomohileng, A re ho eena, “‘Mè, mora oa hao ke eo.” A nt’o re ho Johanne: “‘M’ao ke eo.” Johanne a utloisisa le ho amohela boikarabelo. Ho tloha ka nako eo, a hlokomela Maria haholo. Mopholosi O ne A se na chelete eo A ka thusang ‘me oa Hae ka eona, empa O ile A mo thusa ka seo a se hlokang haholo, e leng kutloelo-bohlōkō ea motho ea mo ratang, hobane o ne a rata Jesu. ‘Me Johanne a fumana lehlohonolo le leholo, ka ha ka linako tsohle ‘mè enoa o ne a mo hopotsa Morena eo a mo ratang.EN 502.4

    Ka lilemo tse batlileng ho ba mashome a mararo, Jesu O ne A thusa ho jara mathata a lelapa, ka tšebetso ea letsatsi le letsatsi. ‘Me joale, esita le mahlomoleng a Hae a qetello, O ne A ntse a hlokometse ‘mè oa Hae oa mohlolohali, ea mesarelong. Bao ba latelang Kreste, ba tla hlonepha le ho hlokomela batsoali ba bona. Pelong eo lerato la Hae le ahetseng, ntate le ‘mè ha ba phetse ho hlokomeloa hantle le ho utloeloa bohlōkō. Joale Morena oa Khanya O ne A e-shoa. Tsohle e ne e le lefifi le tetebetsang. Ha se ho tšaba lefu, ha se bohlōkō ba sefapano, tse baketseng Kreste bohlōkō. Mahlomola a Hae a ne a bakoa ke ho tseba botšabeho ba sebe. Kreste A bona hore ke ba fokolang haholo ba tla ikemisetsa ho khaohana le matla a sona. Kantle ho thuso e tsoang ho Molimo, botho bo ka shoa, ‘me A bona ba bangata ba timela ba le haufi le thuso.EN 503.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents