Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Sehlabelo Sa Boithaopo

    Jesu A ka be A ile A ipolokela khanya ea leholimo. Empa O ile A ikhethela ho theohela tlase, A theoha terone ea maholimo le mafatše, hore A tl’o fana ka bophelo ho ba timelang.EN 13.3

    Khale koana, lilemong tse ka bang likete tse peli tse fetileng, lentsoe le ile la utloahala leholimong le re, “Sehlabelo le nyehelo ha u li batle, feela u ntōkiselitse ‘mele....Bona, ke ‘na enoa, eo ho ngotsoeng ka eena bukeng ea Molao. Ke tlile, Molimo, ho phetha thato ea hao.” Baheberu 10:5-7. Kreste O ne A se A le haufi le ho tla lefatšeng la rōna, ho tla nka boleng ba motho. Hoja ebe Kreste O ile A hlaha lefatšeng ka khanya ea Hae eo A neng A ena le eona pele lefatše le theoa, re ka be re sa ka ra mamella khanya ea boleng ba Hae. Ele hore re tie re tsebe ho boha khanya eo, ‘me re se shoe, khanya eo ea Hae e ile ea tširoa, bo-Molimo ba Hae ba tšireloa ke botho boo A ileng A bo nka.EN 13.4

    Leano lena le leholo le ne le ile la tšoantšoa ka mekhoa le lipapiso. Sehlahla se tukang, seo Kreste A ileng A hlaha ho sona ha A buoa le Moshe, se ne se senola Molimo. Ea-sa-feleng A ikoahela ka sehlahla se fokolang, se neng se sena ho hohela mang kapa mang. Molimo O ile A koahela khanya ea Hae hore Moshe a tle a tsebe ho e sheba empa a ‘ne a phele. Hape ka leru motšeare, le mollo bosiu khanya ea Molimo e ile ea tšireloa hore batho ba fokolang ba tle ba tsebe ho e talima. Ka mokhoa o joalo Kreste O ne A tšoanetse ho tla, “a tšoana le batho.” E ne e le Molimo O apereng boleng ba botho empa khanya ea Hae ea tširoa hore A tle A tsebe ho atamela ho batho ba mahlomoleng, ba litekong.EN 14.1

    Ha Baiseraele ba ntse ba lelera lehoatateng, ba khathetse, sehalalelo, eleng pontšo ea boteng ba Molimo, se ne se le har’a bōna. Sheba Phallo 25:8. Kreste O ile A hloma tente ea Hae mabapi le litente tsa batho, hore A tle A tsebe ho re tloaetsa semelo sa Hae se halalelang le bophelo ba Hae bo halalelang. “Lentsoe ea e-ba motho, le aha har’a rōna, ‘me ra bona tlōtla ea Iona, e tletseng mohau le ‘nete, tlōtla e kang eo Mora ea tsoetsoeng a ‘notši a e fumaneng ho Ntate.” Johanne 1:14.EN 14.2

    Erekaha Jesu A tlile ho tla lula le rōna, mora le morali e mong le e mong oa Adama a ka utloisisa hore ‘Mopi oa rōna ke motsoalle oa baetsalibe. Ho sohle sa boMolimo se hohelang bophelong ba Mopholosi mona lefatšeng, re bona Molimo O e-na le rōna.EN 14.3

    Satane o etsa hore molao oa Molimo oa lerato o hlahe eka o tletse boithati. O re ho thata ho rōna hore re ka bōlōka litaelo tsa Molimo. O re ho oa ha batsoali ba rōna ba pele Edene ke molato oa Molimo, ‘me o etsa hore batho ba shebe Molimo e le Eena ea qalileng sebe, le bohlōkō le lefu. Jesu O ne A tšoanela ho hlakola leshano leo la Satane. O ne A lokela hore e be e mong oa rōna ‘me boemong boo A fane ka mohlala oa ho mamela. E le hore A tie A etse hona A lokela ho nka sebōpeho sa rōna, ‘me A feta har’a maiphihlelo a rōna. “Kahoo o ne a tšoanetse ho etsoa ea tšoanang le bana babo kahohle.” Baheberu 2:17. Haeba re ne re tšoanetse ho mamella ntho e ‘ngoe eo Jesu A sa kang A e mamella, Satane o ne a tla re matla a Molimo ha a re lekane. Kahoo Jesu O ile a lekoa ka litsela tsohle joaloka rōna. Baheberu 4:15. O ile A mamella liteko tsohle tseo le rona re leng tlas’a tsona. Ha A ka A itšebelisetsa matla ao le rona re ke keng ra a fuoa. O ile A thulana le liteko e le motho, ‘me O ile A hlōla ka matla ao A ileng A a fuoa ke Molimo. O ile A totobatsa semelo sa molao oa Molimo, ‘me ka bophelo ba Hae O ile A paka hore ho bonolo hore re bōlōke molao oa Molimo.EN 14.4

    Ka botho ba Hae, Kreste O ile A ama motho, ka boMolimo ba Hae, A tšoara terone ea Molimo. Joaloka mor’a motho, O re file mohlala oa ho mamela taelo. Joaloka Mora oa Molimo A re fa matla a hore re mamele. O re ho rona, “Ke neiloe matla ‘ohle leholimong le lefatšeng.” Matheu 28:18. Boqosa bo reng, “Molimo o na le rona,” ke tiiso ea hore re lopolotsoe sebeng, tiiso ea hore re fuoe matla a ho bōlōka molao oa leholimo.EN 15.1

    Kreste O senotse semelo se fapaneng le sa Satane. “A tšoana le batho, a phela joaloka motho. O ile a inyenyefatsa, ea e-ba ea mamelang ho isa lefung, le hona lefu la sefapano.” Bafilipi 2:7,8. Kreste O ile A nka sebōpeho sa bohlanka, ‘me A iketsa sehlabelo, Eena moprista, Eena ea beiloeng nku ea sehlabelo. “A tetetsoa ka baka la libe tsa rōna, kotlo e re tlisetsang khotso ea mo oela holimo.” Esaea 53:5.EN 15.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents