Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Tsela Eo Kreste A Hloekisang Motho Sebeng

    Mosebetsi oa Kreste ho hloekiseng molepera ke tšoantšiso ea mosebetsi oa Hae oa ho hloekisa motho sebeng. Monna ea tiileng ho Jesu o ne “a tletse lepera”. Barutuoa ba lekile ho thibela Monghali oa bona ho ama molepera. Empa ho beha letsoho la Hae holim’a molepera, hoo ha ho a Mo silafatsa. Kamo ea Hae e tlisitse matla a fanang ka bophelo.EN 176.2

    Ho joalo le lepereng la sebe — le bolaeang, le ke keng la phekoloa ke matla a motho. “Ha ho bophelo ho tloha bohatong ba leoto, ho isa hloohong, ke maqeba le matetetso ke liso tse petlang, ha li e-s’o hlatsuoe kapa tsa tlamisoa, le ho tlotsoa ka ole ha li e-s’o tlotsoe.” Esaea 1:6. Empa Jesu O na le matla A folisang. Mang le mang ea itihelang maotong a Hae ka tumelo, a re, “Morena, ha u rata u ka ntlhoekisa,” Jesu O nanabetsa letsoho, A mo ame, A re “Kea rata, hloeka.”EN 176.3

    Linakong tse ling ha ho lōkeloa ho folisoa, Jesu O ne A sa thuse motho hang-hang. Tabeng ea molepera enoa, hang ha a kōpa o ile a neoa seo a se kōpang. Ha re rapella mahlohonolo a lefatše, karabo e ka ‘na ea lieha, kapa Molimo A ka araba ka ho re fa se seng eseng seo re se kōpang. Empa ha ho joalo ha re ka kōpa ho lopolloa sebeng. Ke thato ea Hae ho re hloekisa, ho re etsa bana ba Hae, le ho re thusa ho phela bophelo bo halalelang. Kreste “o itetse ka baka la libe tsa rōna, hore a tle a re lopolle lefatšeng lena le khopo, ho ea ka thato ea Molimo Ntat’a rōna.” Bagalata 1:4. “Ha re kōpa ho hong ho ea ka thato ea hae, oa re utloa. Joale, kaha re tseba hore oa re utloa ha re kōpa, rea tseba hore tseo re li kōpang ho eena e se e ntse e le tsa rōna.” 1 Johanne 5:14,15.EN 176.4

    Ho foliseng motho ea omeletseng litho Kaperenauma, Kreste O boetse O rutile ‘nete e tšoanang. Mohlolo ona o entsoe ho bontša matla a Hae, a ho tšoarela libe. Joaloka molepera ha a ne a lahlehetsoe ke tšepo le ho motho ea omeletseng litho ho ne ho le joalo. Ho kula ha hae ho etsahetse ka lebaka la bophelo ba hae ba sebe, ‘me bohlōkō ba hae bo ile ba totisoa ke letsoalo le molato la kamoo a neng a phela kateng. O ile a ipiletsa ho bafarisi le lingaka, empa ba mo fa karabo e nyahamisang ea hore a ke ke a fola ‘me ba mo furalla, ba ‘molella hore o otloa ke Molimo.EN 177.1

    Ha a bona ho se na tšepo ea hore a ka thusoa kae kapa kae ea omeletseng litho o ile a tetebela, a lahla tšepo. Eaba o utloela ka Jesu. Metsoalle ea mo khothaletsa ho lumela hore le eena a ka ‘na a folisoa haeba a ka nkuoa a isoa ho Jesu.EN 177.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents