Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 13—TLHOLO

    [E itšetlehile ka khaolo ea Matheu 4:5-11; Mareka 1:12,13; Luka 4:5-13.]

    Eaba Diabolosi o mo nka a mo isa motseng o halalelang, ‘me a ‘mea tlhōrōng ea Tempele, a re ho eena: ‘Haeba u Mora oa Molimo, itihele, hobane ho ngotsoe, ho thoe:EN 77.1

    O tla laella mangeloi a hae,
    ‘me a tla u khakeletsa ka liatla,
    esere leoto la hao
    la khoptjoa ke lejoe.’”
    EN 77.2

    Satane a ‘na a hlaha e le lengeloi la khanya, ‘me a bontša hore o tseba mangolo. Ha Jesu A sebelisa lentsoe ho tsectsa tumelo ea Hae, Moleki eena a le sebelisa ho pata thetso ea hae. Satane o ile a leka Mopholosi ho fana ka bopaki bo bong ho bontša tumelo ea Hae.EN 77.3

    Empa moleko o ne o boetse o etelloa pele ka mantsoe a bontšang ho hloka tumelo “Haeba u Mora oa Molimo.” Kreste O ile A lekoa ka hore A arabele lentsoe lena “Haeba,” empa O ile A hana ho amohela mantsoe ao a khoao.EN 77.4

    Moleki o ile a batla ho sebelisa monyetla oa ha Kreste A sa ntsane A le sebopehong sa botho, hore a Mo susumelletse ho lumela lintho tseo A senang bopaki ba tsona. Empa leha Satane a ka leka motho hore a etse sebe, a ke ke a mo qobella. O ile a re “Itihele fatše,” a tseba hantle hore eena Satane a ke ke a Mo lihela fatše, kapa a Mo qobella hore A itihele. Ha Kreste A ne A ke ke A lumela ho lekoa,-O ne A ke ke A hlōloa.EN 77.5

    Moleki a ke ke a re qobella ho etsa sebe. Satane a ka re hlōla ka matla ha feela e le thato ea rōna ‘me re khaotsa ho khomarela Kreste ka tumelo. Empa takatso e ‘ngoe le e ‘ngoe ea sebe eo re e lumellang, e bula monyako oo Satane a ka kenang ka ‘ona ho re leka le ho re felisa. Ha re hlōleha, re mo fa monyetla oa ho nyefola Kreste.EN 77.6

    Ha Satane a ne a pheta tšepiso ena, “O tla laella mangeloi a Hae,” o ile a siea ana a reng “a u lebele litseleng tsohle tsa hao’” ke hore, Utseleng tsohle tse khethiloeng ke Molimo. Jesu O ile A hana ho tsoa tseleng ea ho mamela litaelo. O ne A ke ke a qobella mohau oa Molimo ho tla Mo pholosa, hobane ha A ne A ka etsa joalo, O ne A tla hlōloa ho siela motho mohlala oa ho tšepa le boinehelo.EN 78.1

    Jesu A re ho Satane, “Le teng ho ngotsoe, ho thoe: ‘U se ke ua leka Morena Molimo oa hao.’” Molimo O ne O se O pakile hore Jesu ke Mor’a ‘Ona; joale ho batla bopaki bo bong e ne e tla be e le ho beha lentsoe la Molimo tekong, le ho mo leka. Ha rea tšoanela ho isa likōpo tsa rōna ho Molimo e le ha re batla ho bona hore na O tla phethisa na, empa re etse joalo e le hobane O tla phethisa; eseng ho bona hore ehlile O a re rata, e mpe e be hobane O a re rata. Sheba Baheberu 11:6. Sebakeng sa tumelo ea ‘nete, Satane o batla hore motho a be le khopolo-taba. Tumelo ea ‘nete e ipapisitse ka litšepiso tsa Molimo, ‘me e bea litholoana tsa mamelo. Khopolo-taba le eona e itšetlehile ka litšepiso, empa e li sebelisa ho itšoarella sebeng. Tumelo e ka be e ile ea tataisa batsoali ba rona ba pele ho tšepa lerato la Molimo le ho mamela litaelo tsa ‘Ona. Ho kenya maikutlo ao eleng a bona mantsoeng a Molimo ho ile ha ba etsa hore ba tlole molao oa Molimo, ka ho lumela hore lerato la ‘Ona le leholo hoo le tla ba pholosa litholoaneng tsa sebe sa bona. Tumelo e batlang mohau oa leholimo empa e sa ipapisa le maemo ao mohau ona o ka fanoang ka ‘ona hase ea ‘nete.EN 78.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents